La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 12:46 - BIBELE

Ha Jesu a ntse a bua le matshwele, mmae le bana babo Jesu ba ne ba eme kantle, ba batla ho bua le yena.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Eitse ha a sa bua le bongata, ha hlaha mmae le banababo, ba ema kantle, ba batla ho bua le yena.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Yare a sa bua le bongata, mmae le banababo ba ema kantle, ba rata ho bua le yena.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Yare a sa bua le bongata, mmae le banababo ba ema kantle, ba rata ho bua le yena.

Ver Capítulo



Mattheu 12:46
26 Referencias Cruzadas  

Tswalo ya Jesu Kreste e bile jwaana: Mmae Maria, ha a se a lebeleditswe ke Josefa, ba eso ka ba phela mmoho, a fumaneha e le moimana ka matla a Moya o Halalelang.


Motho e mong a re ho yena: “Mmao le bana beno ke bana ba eme kantle, ba batla ho bua le wena.”


Na hase mora wa mmetli wa mapolanka? Na mmae hase ya bitswang Maria, le baena ba hae hase bo-Jakobo, le Josefa, le Simone, le Juda?


Ha ba fihla ka tlung, ba bona ngwana le mmae Maria; ba itihela fatshe, mme ba kgumamela ngwana, ba nto bula matlole a bona, ba mo nyehella ka dimpho: kgauta, mokubetso, le mmira.


la re: “Tsoha, o nke ngwana le mmae, o boele naheng ya Iseraele, hobane ba neng ba batla bophelo ba ngwana ba shwele.”


“Ha ho motho ya rokellang setsiba sa lesela le letjha seaparong sa kgale; esere setsiba se setjha sa nathola seaparo sa kgale, mme sa eketsa ho taboha.


Na eo hase mmetli wa mapolanka, mora Maria, le ngwanabo Jakobo, le Joseta, le Juda le Simone na? Na dikgaitsedi tsa hae ha di hara rona moo?” Ba kgopiseha ke yena.


Ho ntlela jwang hore ke etelwe ke mma Morena ka?


Ntatae le mmae ba makalla tse bolelwang ka yena.


Simeone a ba hlohonolofatsa, mme a re ho Maria, mmae: “Bona, ngwana enwa o baletswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng le ho ba pontsho e tlang ho hanyetswa,


Ha batswadi ba hae ba mmona, ba tsota, mme mmae a re ho yena: “Ngwana ka, o re etseditseng tjee? Bona, rona le ntatao re ne re ntse re o batla re tshwenyehile.”


A theoha le bona, a ya Nasaretha, mme a nna a ikokobetsa tlasa bona. Mmae a boloka ditaba tseo tsohle ka pelong ya hae.


A re: “Lona le neilwe ho tseba diphiri tsa Mmuso wa Modimo, empa ba bang ba neilwe ka ditshwantsho hore, “ ‘leha ba bona, ba se ke ba bona, mme leha ba utlwa, ba se ke ba utlwisisa.’ ”


Haufi le sefapano sa Jesu ho ne ho eme mmae, le ngwanabo mmae, le Maria, mohatsa Keleopase, le Maria wa Magadala.


Ka tsatsi la boraro ho ne ho ena le mokete wa lenyalo Kana e Galelea, mme mma Jesu o ne a le teng.


Kamora moo, yena le mmae le bana babo le barutuwa ba hae, ba theohela Kaperenauma, ba hlola teng matsatsi a se makae.


Mmae a re ho basebeletsi: “Eng le eng eo a le bolellang yona, le e etse.”


Empa ha bana babo ba se ba ile moketeng, le yena a ya ka lenyele, e seng ka ho totobala, empa sephiring.


Yaba bana babo ba re ho yena: “Tloha mona, o ye Judea, hore le barutuwa ba hao ba bone mesebetsi eo o e etsang,


Esitana le bana babo ba ne ba sa dumele ho yena.


Bana kaofela, ba ena le basadi, le Maria mma Jesu, le bana babo Jesu, ba tiisetsa thapelong ka maikutlo a le mang.


Na ha re na tokelo ya ho felehetswa kahohle ke mosadi wa Mokreste jwaloka baapostola ba bang, le bana babo Morena, le Kefase?


empa ha ke a ka ka bona baapostola ba bang, haese Jakobo, ngwanabo Morena.