Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 9:5 - BIBELE

5 Na ha re na tokelo ya ho felehetswa kahohle ke mosadi wa Mokreste jwaloka baapostola ba bang, le bana babo Morena, le Kefase?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Na ha re na tokelo ya ho tsamaya re ena le kgaitsedi, e leng mohatsa wa rona, jwaloka baapostola ba bang, le banababo Morena, le Kefase na?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Na ha re na matla a ho tsamaya le kgaitsedi, le mosadi, le baapostola ba bang, le banababo Morena, le Kefase na?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Na ha re na matla a ho tsamaya le kgaitsedi, le mosadi, le baapostola ba bang, le banababo Morena, le Kefase na?

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 9:5
25 Referencias Cruzadas  

O rapa se sireleditsweng, kgaitsedi, monyaduwa wa ka; o diba se haheleditsweng, sa bitielwa.


Na hase mora wa mmetli wa mapolanka? Na mmae hase ya bitswang Maria, le baena ba hae hase bo-Jakobo, le Josefa, le Simone, le Juda?


Ha Jesu a fihla ha Petrose, a bona mohwehadi wa Petrose a le diphateng, a tshwerwe ke feberu.


Mohwehadi wa Simone o ne a le diphateng, a tshwerwe ke feberu, mme ba tsebisa Jesu.


Na eo hase mmetli wa mapolanka, mora Maria, le ngwanabo Jakobo, le Joseta, le Juda le Simone na? Na dikgaitsedi tsa hae ha di hara rona moo?” Ba kgopiseha ke yena.


le Matheu, le Thomase, le Jakobo mora Alefiose, le Simone ya bitswang Motjhesehi,


A tsebiswa, ha thwe: “Mmao le bana beno ba eme kantle, ba rata ho o bona.”


A mo isa ho Jesu. Jesu a mo tadima, a re: “O Simone, mora Johanne; o tla bitswa Kefase,” ke ho re: Petrose.


Kamora moo, yena le mmae le bana babo le barutuwa ba hae, ba theohela Kaperenauma, ba hlola teng matsatsi a se makae.


Bana kaofela, ba ena le basadi, le Maria mma Jesu, le bana babo Jesu, ba tiisetsa thapelong ka maikutlo a le mang.


Kgaitsedi ya rona Foibe, eo e leng mosebeletsi wa kereke e Kenkeria, ke mmea paballong ya lona.


Seo ke se bolelang ke hore e mong wa lona o re: “Nna ke wa Paulosi,” e mong: “Nna ke wa Apolosi,” e mong: “Nna ke wa Kefase,” e mong hape: “Nna ke wa Kreste.”


Haeba eo e seng modumedi a rata ho hlala mohatsa hae wa modumedi, a mo hlale. Modumedi wa monna kapa wa mosadi ha a ya tlangwa ke letho tabeng tse jwalo. Modimo o le bitseditse hore le phedisane ka kgotso.


Mosadi ya nyetsweng o tlamahantswe le monna wa hae, ha monna a sa phela. Ha monna a se a shwele, mosadi o lokolohile, a ka nyalana le eo a mo ratang, empa e be lenyalo la Sekreste.


Ke ne nka rata ha batho bohle ba eba jwaloka nna, empa motho e mong le e mong o na le neo ya hae e tswang ho Modimo, e mong ka mokgwa ona, e mong ka mokgwa wane.


Ho masoha le basadi ba bahlolohadi, ke re: Ho molemo ha ba ka itulela jwaloka nna.


empa ha ke a ka ka bona baapostola ba bang, haese Jakobo, ngwanabo Morena.


Mookamedi wa kereke eka kgona a hloke kodi; e be monna ya nang le mosadi a le mong, a be le boitshwaro dinong, a be sedi, a be le seriti, a thabele baeti, mme a tsebe ho ruta.


Ba tla thibela batho ho nyalana, ba re ho ilwe dijo tse itseng, athe Modimo o di etseditse hore di jewe ka teboho ke ba dumelang, ba tsebang nnete ka ho tlala.


basadi ba hodileng o ba tadime e le bo-mmao, basadi ba batjha e le dikgaitsedi tsa hao, ka bohlweki bohle.


E mong le e mong wa bona e be motho ya sa nyatseheng, monna ya nang le mosadi a le mong; bana ba hae e be badumedi, e se be batho ba hlaha, ba sa mameleng ho hang.


Bohle ba hlomphe lenyalo, mme dikano tsa lona di bolokwe ka botshepehi. Modimo o tla ahlola dihlola le difebe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos