Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Bakorinthe 9:5 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Na ha re na matla a ho tsamaya le kgaitsedi, le mosadi, le baapostola ba bang, le banababo Morena, le Kefase na?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Na ha re na tokelo ya ho tsamaya re ena le kgaitsedi, e leng mohatsa wa rona, jwaloka baapostola ba bang, le banababo Morena, le Kefase na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Na ha re na tokelo ya ho felehetswa kahohle ke mosadi wa Mokreste jwaloka baapostola ba bang, le bana babo Morena, le Kefase?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Na ha re na matla a ho tsamaya le kgaitsedi, le mosadi, le baapostola ba bang, le banababo Morena, le Kefase na?

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 9:5
25 Referencias Cruzadas  

Na enoa hase mora oa ’metli? Na mmae ha a bitswe Maria na? le banababo Jakobo, le Jose, le Simone, le Judase?


Jesu ha a fihla tlung ya Petrose, a bona mohwehadi wa hae a robetse, a tshwerwe ke feberu.


Mme mohwehadi Simone o ne a robetse a tshwerwe ke feberu, mme ba phakisa ba mmolella.


Na eo hase mmetli, mora Maria, ngwanabo Jakobo, le Jose, Juda, le Simone? le dikgaitsedi tsa hae na ha di na le rona mona? Mme ba ne ba kgopeha ke yena.


Mattheu le Thomase, Jakobo mora Alfea, le Simone ya bitswang Selote,


A bolellwa ba bang, ha thwe: Mmao le bana beno ba eme kantle, ba rata ho o bona.


A mo tlisa ho Jesu. Jesu ha a mmona, a re: O Simone, mora Jona;


Kamora tseo, a theohela Kapernauma, yena le mmae, le banababo, le barutuwa ba hae;


Bao bohle ba tiisetsa thapelong le thapeding, ba le pelo e le nngwe, ba ena le basadi, le Maria mma Jesu, le banababo.


Ke le laeletsa Febe, kgaitsedi ya rona, mosebeletsi wa kereke ya Kenkrea.


Jwale ke bolela hore e mong le e mong wa lona o re: Nna, ke wa Pauluse; le nna ke wa Apolose; le nna ke wa Kefase; le nna ke Kreste.


Empa ha ya sa dumelang a hlala, a a hlale. Mokaulengwe kgotsa kgaitsadi ga a mo botlhankeng mo maemong a a ntseng jalo, mme Modimo o re bileditse mo kagisong.


Mosali o tlameletsoe ke molao mohla monna oa hae a sa ntseng a phela; empa ha monna wa hae a shwele, o lokolohile, a ka nyalwa ke eo a mo ratang; feela Moreneng.


Hobane ke lakatsa eka batho bohle ba ka ba jwaloka nna. Empa e mong le e mong o na le neo ya hae ya Modimo, e mong ka mokgwa ona, e mong ka mokgwa oo.


Ka baka leo, ke re ho masoha le basadi ba bahlolohadi: Ho molemo ho bona ha ba ka dula jwaloka nna.


Empa ha ke a ka ka bona e mong wa baapostola ba bang, haese Jakobo, ngwanabo Morena.


Mookamedi e ka kgona e be ya se nang molato, e be monna wa mosadi a le mong, a hlaphohetswe, a hlaphohelwe hantle, a le boitshwaro, a amohele baeti, a tshwanele ho ruta;


Ba iletsa batho ho nyala, ba re ho ilwe dijo, tseo Modimo o di entseng hore di amohelwe ka teboho ke ba dumelang, ba tsebang nnete.


Basadi ba baholo jwaloka bomme; ba banyenyane jwaloka dikgaitsedi, ka hlweko yohle.


Ekare ha ho na le motho ya se nang molato, e leng monna wa mosadi a le mong, ya nang le bana ba dumelang, ba sa qosweng ka bohlola, leha e le ba sa laoleheng.


Lenyalo le ke le hlomphehe ho bohle, le diphate di hloke ditshila; empa Modimo o tla ahlola dihlola le bafebi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos