Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 12:45 - BIBELE

45 Ebe o ya lata meya e meng e supileng, e o fetang ka bokgopo, mme e kene, e ahe teng, hoo ditaba tsa motho eo tsa morao di bang mpe ho feta tsa pele. Ho tla ba jwalo le ho moloko ona o kgopo.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

45 Jwale o ye, o late meya e meng e supileng, e o fetisang ka bolotsana, mme e kene, e dule teng; mme taba tsa motho eo tsa ho fela di fetise tsa ho qala ka ho dula hampe. Moloko o lonya ona o tla hlahelwa ke taba e jwalo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

45 Jwale o ye o nke meya e meng e supileng e o fetang ka bokgopo, mme e kene, e ahe teng; Ho tla ba jwalo le ho moloko ona o kgopo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

45 Jwale o ye o nke meya e meng e supileng e o fetang ka bokgopo, mme e kene, e ahe teng; Ho tla ba jwalo le ho moloko ona o kgopo.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 12:45
23 Referencias Cruzadas  

Moprista o tla le hlahloba, mme haeba lebadi leo le bonahala le phobetse, mohwete wa lona o sweufetse, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila. Ke lefu la lepera le qalehileng ka mokgwa wa lethopa.


Empa Bafarisi, ha ba utlwa hona, ba re: “Enwa ha a leleke bademona, haese ka Beele-Sebule, morena wa bademona.”


Ebe o re: ‘Ke tla kgutlela tlung ya ka, moo ke tswileng teng.’ Jwale ha o fihla, o e fumana e le lephaka, e fietswe, e kgabisitswe.


Mofuta ona ha o tswe haese ka thapelo le ka ho itima dijo.”


“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le tjhalaka le mawatle le lefatshe ho sokolla motho a le mong, mme ha a sokoloha le mo etsa ngwana wa dihele ho feta lona habedi.


Batsamaisi ting ba difofu, ba okolang monwang, empa ba metseletse kamele!


Hoba Jesu a tsohe kameso, ka letsatsi le qalang beke, a qala ka ho iponahatsa ho Maria wa Magadala, eo a neng a lelekile bademona ba supileng ho yena.


Jesu a mmotsa, a re: “Lebitso la hao o mang?” A re ho yena: “Lebitso la ka ke Lebotho, hobane re bangata.”


ebe o ya lata meya e meng e supileng, e o fetang ka bokgopo, mme e kene, e ahe teng, hoo ditaba tsa motho eo tsa morao di bang mpe ho feta tsa pele.”


Ha re lwane le motho wa nama le madi, empa re lwana le meya e busang, le e laolang, le e renang hodima lefatshe lena la lefifi, e leng meya e kgopo, e sebakeng.


Ha e le rona, ha re ba ka ikgulang, mme ra ya timelong, empa re ba dumelang, hore re tle re ye pholohong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos