Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 12:44 - BIBELE

44 Ebe o re: ‘Ke tla kgutlela tlung ya ka, moo ke tswileng teng.’ Jwale ha o fihla, o e fumana e le lephaka, e fietswe, e kgabisitswe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

44 Ke moo o reng: A nke ke boele tlung ya ka eo ke tswileng ho yona. Mme ere ha o fihla teng, o e fumane e le feela, e fietswe, e bile e hlophilwe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

44 Foo o re: ’Ke tla boela kwa ntlong ya me e ke duleng mo go yone; mme ha o fihla, o e fumane e le feela, e fietswe, mme e kgabisitswe.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

44 Foo o re: ’Ke tla boela kwa ntlong ya me e ke duleng mo go yone; mme ha o fihla, o e fumane e le feela, e fietswe, mme e kgabisitswe.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 12:44
23 Referencias Cruzadas  

Dipelo tsa bona di tjhesa sa sebopi, ha ba qatjhame, ba laletse kgosi. Kgalefo ya bona bosiu e a kekela, ere bo esa e tuke sa malakabe.


“Kapa motho a ka kena jwang ka tlung ya seqhobane, a hapa thepa ya sona, haeba a sa tlama seqhobane seo pele, e be hona a hapang thepa yohle ya ntlo?


“Moya o ditshila ha o tswile ho motho, o solla mahwatateng, o batla phomolo, empa ha o e fumane.


Ebe o ya lata meya e meng e supileng, e o fetang ka bokgopo, mme e kene, e ahe teng, hoo ditaba tsa motho eo tsa morao di bang mpe ho feta tsa pele. Ho tla ba jwalo le ho moloko ona o kgopo.”


Jwale ha o fihla, o e fumana e fietswe, e kgabisitswe;


O ile a rialo, e seng hobane a ne a tsotella mafutsana, empa hobane e ne e le leshodu, mme kaha a ne a tshwara mokotla wa tjhelete, o ne a utswa tse kentsweng kateng.


Ha ho jewa dijo tsa mantsiboya, Diabolosi o ne a se a kentse pelong ya Judase, mora Simone Isekariota, maikutlo a hore a eke Jesu.


Hoba Judase a je sengwathwana, Satane a kena ka ho yena. Yaba Jesu o re ho yena: “Seo o se etsang, se etse kapele.”


E, eka kgona dikarohano di be teng hara lona, e le hore bao e leng ba nnete ba tle ba bonahale.


tseo le neng le phela ho tsona pele, ho ya ka mokgwa wa lefatshe lena, ho ya ka mmusi ya renang sebakeng, e leng moya o sebetsang jwale bathong ba sa mameleng.


Ke ba intshitseng ho rona, feela e ne e hlile e se ba rona, hobane hoja e ne e le ba rona, ba ka be ba ntse ba le ho rona. Jwale ba intshitse hore ho tle ho bonahatswe hore hase ba rona kaofela ha bona.


Lona bana ba ka, le ba Modimo, mme le hlotse baporofeta bao, hobane ya nang le lona o moholo ho feta ya nang le lona o moholo ho feta ya nang le ba lefatshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos