Mattheu 12 - Sesotho 1909/1961 (SO)Diqwapi le Sabatha. 1 Mehleng eo, Jesu o ne a feta hara masimo ka tsatsi la Sabatha Barutuwa ba hae ba ne ba lapile, mme ba qala ho kga diqwapi, ba di ja. 2 Bafarisi ha ba bona hoo, ba re ho yena: Bona, barutuwa ba hao ba etsa ho sa dumellweng ho etswa ka tsatsi la Sabatha. 3 Empa a re ho bona: Na ha le a ka la bala ho entsweng ke Davida, mohla a neng a lapile le ba nang le yena; 4 kamoo a kileng a kena tlung ya Modimo kateng, a ja mahobe a pontsha, a neng a sa lokele ho jewa ke yana le ke ba nang le yena, e le a baprista ba nnotshi? 5 Kapa ha le a ka la bala molaong hobane, ka matsatsi a Sabatha, baprista ba tlola molao wa Sabatha tempeleng, mme ha ba na molato? 6 Mme ke re ho lona: Ho teng mona ho hoholo ho tempele. 7 Hola la tseba ho lekanntsweng ha ho thwe: ke rata mohau, e seng sehlabelo, le ka be le sa ka la tswa ba se nang molato. 8 Hobane Mora motho ke morena le wa Sabatha. Ho fodiswa ya nang le letsoho le omeletseng. 9 Ha a tloha teng, a kena sinagogeng ya bona. 10 Motho o ne a le teng moo, ya letsoho le omeletseng; ba botsa Jesu, ba re: Ana ho ka lokela ho fodisa ka tsatsi la Sabatha na? Ba rialo, ba batla sebaka sa ho mo qosa. 11 Empa yena a re ho bona: Motho ke ofe ho lona ya nang le nku e le nngwe, ekareng ha e wela sekoting ka Sabatha, a ke keng a e tshwara, 12 Athe motho o fetisa nku hakakang ka boholo! Ka baka leo, ho loketse ho etsa hantle ka Sabatha. 13 Yaba o re ho motho eo: Otlolla letsoho la hao. A le otlolla, mme la fola, la boela la loka jwaloka le leng. 14 Bafarisi ha ba tswile, ba mo rera, kamoo ba ka mmolayang kateng. 15 Empa Jesu a tseba, mme a tloha teng; matshwele a maholo a mo latela, mme a fodisa bohle ba kulang. Tseo Jesu a porofetilweng ka tsona. 16 A ba laya, a re, ba se ke ba mmolela; 17 ho tle ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta Esaia, ha a itse: 18 Bonang mohlanka wa ka eo ke ikgethetseng yena, moratuwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; ke tla bea Moya wa ka hodima hae, mme o tla bolella ditjhaba ho loka. 19 Ha a ka ke a omana; a ke ke a peroha; ha ho ya tla utlwa lentswe la hae diterateng; 20 ha a ka ke a roba lehlaka le tenyetsehileng, a ke ke a tima lebonenyana le kubellang, e be a etse hore ho loka ho hlole. 21 Mme ditjhaba di tla tshepa lebitso la hae. Sefofu se semumu se nang le motemona. — Sebe sa ho sitelwa Moya o Halalelang. 22 Yaba ho tliswa ho Jesu motho ya nang le motemona, e le sefofu se semumu, a mo fodisa; mme jwale, sefofu se semumu sa bua, le hona sa bona. 23 Mme bongata bohle ba hlollwa, ba re: Ana enwa hase mora Davida na? 24 Empa bafarisi, ha ba utlwa taba eo, ba re: Enwa ha a leleka batemona, ke ka Beelsebule feela, morena wa batemona. 25 Athe Jesu a tseba mehopolo ya bona, mme a re ho bona: Mmuso o mong le o mong o kgaohaneng ho itwantsha o tla fetoha lesupi; le motse o mong le o mong, leha e le ntlo e kgaohaneng ho itwantsha, e ke ke ya tiya. 26 Satane ha a leleka Satane, eba o kgaohane ho itwantsha; ana mmuso wa hae o ka tiya jwang? 27 Ha ke fela ke leleka batemona ka Beelsebule, bara ba lona, bona, ba ba leleka ka mang? E tla ba bona baahlodi ba lona ke hona. 28 Empa ekare ha ke leleka batemona ka Moya wa Modimo, le tsebe hoba mmuso wa Modimo o le fihletse ruri. 29 Kapa motho a ka kena jwang tlung ya senatla, ho phahla mesebetsi ya sona, ha a sa ka a tlama senatla seo pele, ebe moo a phahlang ntlo ya sona? 30 Ya sa ntwaneleng, o a ntwantsha; le ya sa bokolleng le nna, o a hasanya. 31 Ke moo ke reng ho lona: Batho ba ka tshwarelwa sebe se seng le se seng le nyefolo e nngwe le e nngwe; empa nyefolo e nyefotseng Moya, batho ba ke ke ba e tshwarelwa. 32 Ha motho a sebile Mora motho, a ka tshwarelwa; empa ha a sebile Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa, leha e le mehleng ena, leha e le ho e tlang ho tla. 33 Kapa ereng, sefate se setle, tholwana ya sona le yona e ntle; kapa ereng, sefate se sebe, tholwana ya sona le yona e mpe; hobane sefate se tsejwa ka tholwana ya sona. 34 Madinyane a marabe, le ka bolela taba tse molemo jwang, le ena le lonya? Hobane molomo o buiswa ke seo pelo e tletseng sona. 35 Motho ya molemo o ntsha dintho tse molemo letlotlong le molemo la pelo ya hae; mme motho ya lonya o ntsha dintho tse lonya letlotlong le lonya la pelo ya hae. 36 Mme ke re ho lona: Ka tsatsi la kahlolo, batho ba tla tsekiswa polelo e nngwe le e nngwe ya bosawana eo ba e boletseng. 37 Hobane o tla bewa ya lokileng ka dipolelo tsa hao, mme ka dipolelo tsa hao o tla tsuwa. Jesu o hana ho etsa mohlolo. 38 Lekgatheng leo, bangodi le bafarisi ba bang ba re ho Jesu: Moruti, re rata re ka o bona o etsa mohlolo. 39 Empa a ba araba, a re: Moloko ona o lonya, o mofebi, o batla mohlolo; empa ha o ka ke wa newa mohlolo, haese mohlolo wa moporofeta Jonase. 40 Hobane jwaloka Jonase ha a bile matsatsi a mararo le masiu a mararo ka mpeng ya hlapi e kgolo, Mora motho le yena o tla ba maleng a lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo. 41 Banna ba Ninive ba tla ema kahlolong le moloko ona, ba o tswe, hobane ba kile ba baka ka mokgosi wa Jonase; kanthe e moholo ho Jonase o teng mona. 42 Mofumahadi wa Borwa o tla ema kahlolong le moloko wona, a o tswe; hobane o ne a tlohe pheletsong tsa lefatshe, ho tla mamela bohlale ba Salomone; mme bonang, e moholo ho Salomone o teng mona. 43 Moya o ditshila, ha o tswile ho motho, o ikela dithoteng tse tjheleng ho batla phomolo, o mpe o e hloke. 44 Ke moo o reng: A nke ke boele tlung ya ka eo ke tswileng ho yona. Mme ere ha o fihla teng, o e fumane e le feela, e fietswe, e bile e hlophilwe. 45 Jwale o ye, o late meya e meng e supileng, e o fetisang ka bolotsana, mme e kene, e dule teng; mme taba tsa motho eo tsa ho fela di fetise tsa ho qala ka ho dula hampe. Moloko o lonya ona o tla hlahelwa ke taba e jwalo. Mma Jesu le banababo. 46 Eitse ha a sa bua le bongata, ha hlaha mmae le banababo, ba ema kantle, ba batla ho bua le yena. 47 Motho e mong a re ho Jesu: Mmao le banabeno ke bana kantle, ba batla ho bua le wena. 48 Empa yena a araba ya mmolellang, a re: Mmè ke mang, mme banabeso ke bafe? 49 Yaba o alatsa barutuwa ba hae ka letsoho, a re: Bonang, mme le banabeso ke bana. 50 Hobane e mong le e mong ya tla etsa thato ya Ntate ya mahodimong, ke yena e leng ngwaneso, le kgaitsedi ya ka le mmè. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa