Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 12:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Bafarisi ha ba tswile, ba mo rera, kamoo ba ka mmolayang kateng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Bafarisi ba tswa, ba rera kamoo ba ka bolayang Jesu kateng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 Yaba Bafarisi ba tswela ntle, ba rera ho mo timetsa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Yaba Bafarisi ba tswela ntle, ba rera ho mo timetsa.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 12:14
15 Referencias Cruzadas  

Ba etsa morero wa ho tshwara Jesu ka bohlale, ba tle ba mmolaye.


Yare kameso, baprista bohle ba baholo le baholo ba setjhaba ba rera Jesu ho mmolaya.


Matsatsi a ne a sa tla ba mabedi, e ntoo ba Paseka le mahobe a se nang ditomoso. Baprista ba baholo le bangodi ba ne ba batla mokgwa wa ho tshwara Jesu ka bohlale, ba tle ba mmolaye.


Jwale, bafarisi ba tswela ntle, ba etsa morero le Baheroda hodima Jesu, ho tseba hore na ba ka mmolaya jwang.


Baprista ba baholo le bangodi ba ne ba batla kamoo ba ka bolayang Jesu kateng; hobane ba ne ba tshaba setjhaba.


Ba tlala bohale, mme ba rera hammoho seo ba tla se etsa ho Jesu.


Jwale, Bajuda ba boela ba thola majwe, ba tle ba mo tlepetse.


Ka baka leo, ba boela ba batla ho mo tshwara, empa a phonyoha matsohong a bona.


Ho qala mohlang oo, ba rera hammoho hore ba tle ba mmolaye.


Mme baprista ba baholo le bafarisi ba ne ba entse molao wa hore, ekare ha motho a tseba moo a leng teng, e ka kgona a mmolele, ba tle ba mo tshware.


Ka baka leo, Bajuda ba thoothelwa ho mmolaya, ka hore, ha a tlole molao wa Sabatha feela, empa o bile o re, Modimo ke Ntatae ka sebele, mme o iketsa ya lekanang le Modimo.


Yaba ba rata ho mo tshwara; empa ho se ke ha eba motho ya isang letsoho ho yena, kahobane nako ya hae e ne e eso ho tle.


Yare ha bafarisi ba utlwa kamoo ba mo sebang kateng, bona bafarisi le baprista ba boholo ba roma bahlanka ho mo tshwara.


Mme ba bang ho bona ba ne ba rata ho mo tshwara; empa ho se ke ha eba motho ya isang matsoho ho yena.


Jwale, ba thola majwe hore ba mmetse; empa Jesu a ipata, a tswa tempeleng, a iphetela hara bona; mme a itsamaela jwalo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos