Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 12:46 - Sesotho 1909/1961 (SO)

46 Eitse ha a sa bua le bongata, ha hlaha mmae le banababo, ba ema kantle, ba batla ho bua le yena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

46 Ha Jesu a ntse a bua le matshwele, mmae le bana babo Jesu ba ne ba eme kantle, ba batla ho bua le yena.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

46 Yare a sa bua le bongata, mmae le banababo ba ema kantle, ba rata ho bua le yena.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

46 Yare a sa bua le bongata, mmae le banababo ba ema kantle, ba rata ho bua le yena.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 12:46
26 Referencias Cruzadas  

Ho tswalwa ha Jesu Kreste ho tlile ka mokgwa ona: Maria, mmae, ha a lebeleditswe ke Josefa, a tshoha a emodisitswe ke matla a Moya o Halalelang, ba eso ho kopane.


Motho e mong a re ho Jesu: Mmao le banabeno ke bana kantle, ba batla ho bua le wena.


Na enwa hase mora wa mmetli na? Ha re re, mmae ke ya bitswang Maria? Le banababo na hase Jakobo, le Josefa, le Simone, le Juda na?


Ha ba kena tlung, ba fumana ngwana le mmae, Maria; ba wa ka mangwele, ba mo kgumamela; mme ha ba phutholotse matlotlo a bona, ba mo ntshetsa dimpho tsa kgauta, le dibano, le mirra.


Tsoha, o nke ngwana le mmae, mme o kgutlele lefatsheng la Iseraele; hobane ba neng ba batla moya wa ngwana, ba se ba shwele.


Ha ho motho ya rokellang setsiba se setjha seaparong se tsofetseng; ha ho ka etswa jwalo, setsiba se setjha se ka hahola ho tsofetseng, sa eketsa taboho.


Na eo hase mmetli na? Na hase mora Maria, ngwanabo Jakobo, le Jose, le Juda, le Simone? Bokgaitsedie na ha ba moo ho rona na? Mme ba kgoptjwa ho yena.


Mme ho ntlhahela kae ha ke etelwa ke mma Morena ka?


Josefa le mma ngwana ba ne ba makala ke ditaba tsohle tseo a bolelwang ka tsona.


Simeone a ba hlohonolofatsa, a re ho Maria, mma ngwana: Bona, ngwana enwa o beetswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng, le ho ba pontsho e hanyetswang;


Ha ba mmona, ba makala haholo; mmae a re ho yena: Ngwana ka, o re etseditseng jwalo? O ka bona, ntatao le nna, re ne re o batla re tshohile haholo.


Yaba o theoha le bona, a ya Nasaretha. O ne a ba utlwa; mme mmae a nna a boloka ditaba tseo kaofela pelong ya hae.


A re: Lona, le neilwe ho tseba diphiri tsa muso wa Modimo; ba bang ba mpa ba di utlwa ka ditshwantsho, hore ho boneng ba se ke ba bontshisa, le ho utlweng ba se ke ba utlwisisa.


Mma Jesu, le ngwanabo mmae, le Maria, mohatsa Kleopa, le Maria Magdalena, ba ne ba eme pela sefapano sa Jesu.


Ka letsatsi la boraro, bohadi ba eba teng Kana wa Galelea; mma Jesu o ne a le teng.


Kamora tseo, ba theohela Kapernauma, e le yena le mmae, le banababo, le barutuwa ba hae; mme ba hlola teng matsatsi a se makae.


Mmae a re ho bahlanka: Etsang kahohle kamoo a tla le bolella kateng.


Empa banababo ha ba se ba nyolohile, le yena a nyolohela moketeng, e seng pontsheng, a mpa a ya ka mokgwa wa sephiri.


Yaba banababo ba re ho yena: Tloha mona, o ye Judea, barutuwa ba hao le bona ba tle ba bone mesebetsi eo o e etsang.


Hobane le bona banababo ba ne ba sa dumele ho yena.


Bao bohle ba nna ba tiisetsa ka pelo e le nngwe ho rapela le ho kopa, ba ena le basadi, le Maria, mma Jesu, le banababo.


Na ha re na tokelo ya ho tsamaya re ena le kgaitsedi, e leng mohatsa wa rona, jwaloka baapostola ba bang, le banababo Morena, le Kefase na?


Mme ha ke a ka ka bona e mong wa baapostola ba bang, haese Jakobo, ngwanabo Morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos