Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 12:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Satane ha a leleka Satane, eba o kgaohane ho itwantsha; ana mmuso wa hae o ka tiya jwang?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Haeba Satane a leleka Satane, o ikarotse, o a itwantsha; ha ho le jwalo mmuso wa hae o ka tiya jwang?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

26 Mme Satane ha a leleka Satane, o ikarotse ho itwantsha; jwale mmuso wa hae o tla tiya jwang?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Mme Satane ha a leleka Satane, o ikarotse ho itwantsha; jwale mmuso wa hae o tla tiya jwang?

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 12:26
13 Referencias Cruzadas  

E mong le e mong ha a utlwa polelo ya mmuso, mme a sa e utlwisise, e mobe o ye a tle ho yena, a mo amohe se jetsweng pelong ya hae. Eo ke ya amohetseng peo pela tsela.


Jwale, Jesu a re ho yena: Tloha, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Kgumamela Morena, Modimo wa hao, mme o sebeletse yena feela.


Empa bafarisi ba re: O leleka batemona ka morena wa batemona.


Jwale, e se e le kahlolo ya lefatshe lena; jwale, morena wa lefatshe lena o tla lelekelwa ntle.


Ha nka ke ka hlola ke bua le lona haholo, hobane morena wa lefatshe lena o a tla; mme ha a na letho ho nna.


kahlolo e teng, hobane morena wa lefatshe lena o se a ahlotswe.


e leng bao modimo wa lefatshe lena o ba foufaditseng dikelello, ke ho re, ba sa dumelang, ba tle ba se ke ba tjhabelwa ke lesedi la Evangeli ya kganya ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo.


mme o re ntshitse matleng a lefifi, wa re falletsa mmusong wa Mora wa wona ya ratwang;


Re a tseba hoba re tswetswe ke Modimo le hoba lefatshe lohle le rapaletse katlase ho e mobe.


Mme drakone e kgolo, e leng noha ya kgale, e bitswang Diabolose le Satane, e thetsang lefatshe kaofela, ya dihelwa; ya lahlelwa ntle, ya dihelwa lefatsheng, le mangeloi a yona.


Lengeloi la bohlano la tshollela nkgo ya lona hodima terone ya sebata; yaba mmuso wa sona o ba lefifi, batho ba itoma maleme ka baka la bohloko.


Mme di na le morena wa tsona, e leng lengeloi la sekoti; lebitso la hae ka Sebeheru, ke Abadone, ka Segerike le bitswa Apolione.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos