Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 12:26 - BIBELE

26 Haeba Satane a leleka Satane, o ikarotse, o a itwantsha; ha ho le jwalo mmuso wa hae o ka tiya jwang?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Satane ha a leleka Satane, eba o kgaohane ho itwantsha; ana mmuso wa hae o ka tiya jwang?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

26 Mme Satane ha a leleka Satane, o ikarotse ho itwantsha; jwale mmuso wa hae o tla tiya jwang?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Mme Satane ha a leleka Satane, o ikarotse ho itwantsha; jwale mmuso wa hae o tla tiya jwang?

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 12:26
13 Referencias Cruzadas  

Mang le mang ha a utlwa lentswe la Mmuso wa Modimo, mme a sa le utlwisise, E Mobe o ye a tle, a mo amohe se jetsweng pelong ya hae; enwa ke yona peo e jetsweng ka tseleng.


Empa Jesu a re ho yena: “Tloha, Satane! Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.’ ”


Empa Bafarisi ba ne ba re: “O leleka bademona ka morena wa bademona.”


Jwale ke kahlolo ya lefatshe lena; jwale mmusi wa lefatshe lena o tla lahlelwa kantle,


Ha ke sa tla bua tse ngata le lona, hobane mmusi wa lefatshe o a tla. Ha a na matla hodima ka,


ka tsa kahlolo, hobane mmusi wa lefatshe lena o se a ahlotswe.


e leng ba sa dumelang, bao modimo wa lefatshe lena o foufaditseng dikelello tsa bona hore ba se ke ba bona lesedi la molaetsa o molemo wa tlotla ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo.


O re ntshitse matleng a lefifi, a re fetisetsa mmusong wa Mora wa hae ya ratehang,


Re a tseba hore re ba Modimo, le hore lefatshe lohle le pusong ya E Mobe.


Ya dihelwa fatshe kganyapa ya tonana, noha ya kgale, e bitswang Diabolosi le Satane, mokgelosi wa lefatshe lohle; ya dihelwa lefatsheng mmoho le mangeloi a yona.


Lengeloi la bohlano la qhalla lefiswana la lona hodima terone ya sebatana, mme mmuso wa sona wa fifala; batho ba itoma maleme ke ho hlokofatswa.


Di ne di buswa ke kgosi eo e leng lengeloi la mohohlo o se nang pheletso, le bitswang Abadone ka Seheberu, athe ka Segerike lebitso la lona ke Apoleone.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos