Joele 1:7 - BIBELE Fate tsa ka tsa morara se se se di sentse, tsa feiye tsona sa di ebola makgapetla, sa a ebola, sa a lahlela hole, makala a tsona a sala a sweufetse. Sesotho 1909/1961 (SO) Se sentse merara ya ka le difate tsa ka tsa difeiye, se di entse patsi feela; se di ebotse makgapetla a tsona, se di lahletse fatshe, makala a tsona a bile a sweufetse. |
Ditsie tsa aparela naha yohle ya Egepeta, tsa hwaramana naheng yohle ya Egepeta, e le boiyane bo tshabehang. Pele ho tsona ho ne ho eso be le ditsie tse kang tsona; le kamorao ho tsona ha di sa tla ba teng.
Di ne di aparetse naha hoo ho neng ho bonahala botsho ba tsona feela; tsa eja dimela tsohle tse naheng eo, le ditholwana tsohle tse difateng, tseo sefako se neng se di siile. Ha ho a ka ha sala letho le letalana difateng le dimeleng tsa naha, naheng yohle ya Egepeta.
Ke tla e tlohela e senyehe, morara o ke ke wa faolwa kapa wa lemelwa, hlabahlabane le meutlwa di tla mela ho yona, ke thibele maru a se ka e nesetsa pula.”
“ ‘Ruri ke tla ba timetsa,’ ho rialo Morena. ‘Morara ha o ka ke wa ba le ditholwana, fate sa feiye se ke ke sa ba le ditholwana, mahlaku a sona le wona a tla pona, tseo ke ba fileng tsona di tla ba phonyoha!’ ”
Ke tla senya fate tsa morara, ke senye le tsa feiye, tseo a reng ke moputso wa hae, moputso o tswang ho medingwana ya hae, medingwana eo a e ratang haholo. Fate tseo ke tla di etsa mofero, batana tsa naha di itjelle tsona.
Fate tsa morara di se di omeletse, fate tsa feiye tsona di ponne, fate tsa kgarenate, tsa palema le tsa diapole: Difate tsohle tsa naha di omeletse. Ruri batho ba feletswe ke monyaka.
“Ka le otla, ka senya dirapa tsa lona, ka senya masimo a lona a morara, ka a senya ka phori le ka boroku. Ditsie tsa kokona difeiye le mehlwaare ya lona, leha ho le jwalo ha le a ka la kgutlela ho nna,” ho rialo Morena.
Leha fate sa feiye se ke ke sa fupa, kapa fate sa morara sa se ke sa beha; leha mohlwaare o ke ke wa beha ditholwana, kapa kotulo ya eba siyo masimong; leha masaka a dikgutswane a ka oma, kapa masaka a dikgomo a mela mohlwa,
Ke tla thibela ditsie, di se ke tsa senya dijalo tsa lona masimong, le ditholwana tsa morara wa lona di se ke tsa phutsa,” ho rialo Morena wa mabotho.