Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 8:13 - BIBELE

13 “ ‘Ruri ke tla ba timetsa,’ ho rialo Morena. ‘Morara ha o ka ke wa ba le ditholwana, fate sa feiye se ke ke sa ba le ditholwana, mahlaku a sona le wona a tla pona, tseo ke ba fileng tsona di tla ba phonyoha!’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ke tla ba qeta, ho bolela Jehova, ho tle ho hlokehe tholwana merareng, leha e le feiye difateng, mahlaku a omelle; mme seo ke ba neileng sona se tla ba phonyohela.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 8:13
25 Referencias Cruzadas  

Diakere tse leshome tsa tshimo ya morara di tla beha dilethara tse robedi feela tsa veine; peo e etsang dilethara tse lekgolo le mashome a robedi e behe dilethara tse leshome le metso e robedi, tse kaalo feela tsa koro.”


Leha se ka itima dijo, nke ke ka mamela sello sa sona; leha se ka etsa dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa dino, tsena nke ke ka di amohela. Empa ke tla se timetsa ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa.”


Ka baka lena, Morena o bua tjena ka baporofeta bana ba porofetang ka lebitso la hae: “Ha ke eso ka ke ba roma, empa bona ba re: ‘Ha ho na ho ba le sabole kapa sekoboto naheng ena.’ Baporofeta bao ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto.


O tla tshwana le sefate se lemilweng pela metsi, seo metso ya sona e namelang pela molatswana. Ha se ke se tshoswa ke ho fihla ha lebatama, mahlaku a sona a matalana kamehla, ka nako ya komello ha se ke se tshwenyeha, kamehla se beha ditholwana tsa sona.”


Se tla ja dijalo le dijo tsa hao, se je bara le baradi ba hao; se je mehlape ya dikgutshwane le ya dikgomo, se je morara le feiye ya hao. Metse e hahetsweng marako, eo o e tshepang, e tla timetswa ka sabole, e timetswe ke sera seo.


“Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: ‘Ke tla theolela bohale ba ka le kgalefo ya ka hodima sebaka sena, hodima batho le diphoofolo, hodima difate tsa naha le hodima tse behwang ke naha. Kgalefo ya ka e tla tuka, mme e ke ke ya tingwa.’


Ka baka leo, ke ile ka hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, ka ba timetsa ka kgalefo ya ka e tukang malakabe, ka ba nea kotlo e lokelang diketso tsa bona, ho rialo Morena.”


Ke tla senya fate tsa morara, ke senye le tsa feiye, tseo a reng ke moputso wa hae, moputso o tswang ho medingwana ya hae, medingwana eo a e ratang haholo. Fate tseo ke tla di etsa mofero, batana tsa naha di itjelle tsona.


Fate tsa ka tsa morara se se se di sentse, tsa feiye tsona sa di ebola makgapetla, sa a ebola, sa a lahlela hole, makala a tsona a sala a sweufetse.


Le tla sebeletsa lelea, hobane masimo a lona a ke ke a beha letho, le difate tsa naha ha di na ho beha ditholwana.


Leha fate sa feiye se ke ke sa fupa, kapa fate sa morara sa se ke sa beha; leha mohlwaare o ke ke wa beha ditholwana, kapa kotulo ya eba siyo masimong; leha masaka a dikgutswane a ka oma, kapa masaka a dikgomo a mela mohlwa,


Ke omeleditse naha, le dithaba, le masimo a koro, le a morara, le a mohlwaare, le tsohle tse mediswang ke mobu; ka bolaisa batho le diphoofolo lenyora, le mesebetsi yohle ya matsoho a batho ka e nyopisa.”


Ke ile ka senya dijalo tsa lona ka phori, le ka boroku, le ka sefako, empa ha le a ka la kgutlela ho nna,’ ho rialo Morena.


Ke tla thibela ditsie, di se ke tsa senya dijalo tsa lona masimong, le ditholwana tsa morara wa lona di se ke tsa phutsa,” ho rialo Morena wa mabotho.


A bona sefate sa feiye kathoko ho tsela, a ya ho sona, a mpa a fumana se se na letho, haese mahlaku feela. A re ho sona: “O se hlole o beha ditholwana le ka mohla!” Sefate sa omella hanghang.


Ha letsatsi le tjhaba ka lebatama la lona, bo a omella, palesa ya bona e wela fatshe, mme botle ba bona bo a fela. Le yena morui o tla fela jwalo, a ntse a le hara merero ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos