Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 8:12 - BIBELE

12 Na ba ke ba be dihlong ha ba entse manyala? Le ho ka! Ho hang ho bona dihlong ha di yo! Le ho pudufallwa ha ba pudufallwe; kahoo ba tla wela kahara ba weleng; mohla ke ba otlang ba tla timela, ho rialo Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ba tla hlabiswa dihlong, hobane ba entse manyala; ba tla nne ba hlabiswe dihlong, ba be le maswabi; ka baka leo, ba tla wa le ba wang, mohla ke ba kgalemelang, ba tla hle ba dihuwe, ho bolela Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 8:12
20 Referencias Cruzadas  

Ka letsatsi le hlahlamang e moholo a re ho e monyenyane: “Bona, bosiung ba maobane ke ile ka robala le ntate. Bosiung bona a re mo nwese veine hape, o tle o kene, o yo robala le yena, re tle re tsose leloko ka ntata rona.”


Pesalema ya Davida. Thothokiso e nang le thuto;


Modimo o tla o ripitlela ruri, a o hlwibile, a o hotolele ntle ho tente ya hao, a o fedise lefatsheng la ba phelang.


Ho tla ba jwalo ho moprista le ho setjhaba, ho mohlanka le ho monga hae, ho lekgabunyane le ho mofumahadi wa lona; ho be jwalo ho moreki le ho morekisi, ho moadimi le ho moadimuwa, ho morui le ho mofutsana.


Fahleho tsa tsona di a di qosa, di ipoletse sebe sa tsona jwaloka Sodoma, le ho se pata di sitwa ho se pata. Di madimabe hakaakang! Koduwa ena di imemetse yona!


Ke mafeelafeelane, ke ntho tsa ho nyediswa, ha tsatsi la kahlolo ya yona le fihla e tla timela!


Ka baka lena, Morena o bua tjena ka baporofeta bana ba porofetang ka lebitso la hae: “Ha ke eso ka ke ba roma, empa bona ba re: ‘Ha ho na ho ba le sabole kapa sekoboto naheng ena.’ Baporofeta bao ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto.


“Tsela ya bona e tla thella, e thelle jwaloka e lefifing, ba tla kgarametswa, ba wele fifing leo, hobane ke tla theolela koduwa hodima bona, ka selemo sa kotlo,” ho rialo Morena.


Kahoo mafafatsane a ile a thibelwa, pula ya hwetla le yona ya se ke ya na; empa wa tiisa phatla jwaloka seotswa, wa ngangella, dihlong tsa se ke tsa o hlaba.


Ha ba eso ikokobetse ho fihlela le kajeno; le ho tshaba ha ba eso ka ba tshaba, leha e le ho ya ka melao ya ka le ka ditaelo tsa ka, tseo ke le beetseng tsona, ka di beela le bo-ntata lona.


Na ba ke ba be dihlong ha ba entse manyala? Le ho ka! Ho hang ho bona dihlong ha di yo! Le ho pudufallwa ha ba pudufallwe; kahoo ba tla wela hara ba weleng, mohla ke ba otlang ba tla timela,” ho rialo Morena.


Kahoo Morena o bua tjena: “Ke tla hloma dikgopi tseleng ya tjhaba sena, di tla kgopa bo-ntata le bara ka ho tshwana, metswalle le ba ahelaneng le yona ba tla timela.”


Ha a ntse a tswela pele ho etsetsa bootswa ba hae pepeneneng, a pepesa bofeela ba hae, ke ile ka mo nyonya, ka ba ka mo furalla, jwalokaha ke ile ka furalla ngwanabo.


Mohla le fihlang tsatsi la kahlolo, naha ya Efraime e tla fetoha nanaola. Ke phatlalletsa merabe ya Iseraele, ke e phatlalletsa seo e leng nnete.


Ho loka ha Morena ho teng motseng ona, ha a ka ke a etsa bokgopo ba letho. Kamehla ha ho esa o diha kahlolo, kamehla ha bo esa ha a fose, empa ya kgopo ha a hlajwe ke dihlong.


Phetetso le puseletso ke tsa ka, mohla maoto a bona a kgetshemelang; tsatsi la tlokotsi ya bona le atametse, timelo ya bona e potlakile.


Qetello ya bona e tla ba timelo, modimo wa bona ke dijo, ba ithorisa ka tsa bona tse dihlong, ba ikgopolela tsa lefatshe lena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos