Masimong a dikgwiti thabo le monyaka ha di sa le yo, ha ho pina kapa mehoo masimong a lona a morara, ha ho ya tlhotlelang veine tlhotlelong sa hae, hoba mehoo ya lona ke nna ya e fedisitseng.
Masimong a Heshebone le a Sibema morara o ponne, o motlemotle o neng o taha babusi ba naha, morara o neng o lemilwe ho tloha Jasere, o lemilwe ho ya fihla lehwatateng, oo makala a wona a neng a thathaletse, ho ya tshela lewatle.
Metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema ke tla fedisa mehoo ya thabo le ya nyakallo, ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, hobane naha e tla fetoha lehwatata.
Ke tla otlolla letsoho la ka hodima bona, naha ke e fetole nanaola ho tloha lehwatateng le ka Borwa ho ya Ribela, hohle moo ba phelang teng. Ba tla tseba hore ke nna Morena.”