Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 24:8 - BIBELE

8 Meropa ya thabo e kgaotsa ho tidinya, mehoo ya ba nyakaletseng le yona e a fela, pina tsa diharepa le tsona di kgaoditse.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Thabo ya meropa e fedile, lerata la bathabi ha le sa le yo, thabo ya harepa e kgutsitse le yona.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 24:8
16 Referencias Cruzadas  

Ka boo bosiu ho se tswalwe lesea, le mehoo ya thabo e se utlwahale.


Harepa ya ka e letsa kodi-ya-malla, melodi ya kodilo la ka e fetohile dillo.”


Meduwaneng ya tsona re ne re fanyehile diharepa tsa rona.


Masimong a dikgwiti thabo le monyaka ha di sa le yo, ha ho pina kapa mehoo masimong a lona a morara, ha ho ya tlhotlelang veine tlhotlelong sa hae, hoba mehoo ya lona ke nna ya e fedisitseng.


Meketeng ya bona ba letsa harepa le dikatara, ba tidinye meropa le makodilo, ba nwe veine; mosebetsi wa Morena wona ha ba o natse, tseo a di entseng tsona ha ba di bone.


Kahoo lebitla le ba lapetse, le se le ahlame, le ba emetse; kgabane tsa bona le matshwele di theohela teng, di theohela le menyaka le marata a tsona.


Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Mehleng ena ya lona, moo le ntseng le bona, hona sebakeng sena, ke tla fedisa mehoo ya thabo le ya nyakallo; ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa.’


Ke tla fedisa mehoo ya thabo le ya nyakallo; ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa; ke fedise lerata la lelwala ha ho silwa, ke time lebone.


Metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema ke tla fedisa mehoo ya thabo le ya nyakallo, ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, hobane naha e tla fetoha lehwatata.


Maqheku ha a sa dula kgorong ya motse, batjha ba kgaoditse ho letsa makodilo.


Ke tla fedisa dipina tsohle tsa hao, le modumo wa diharepa tsa hao ke o fedise.


O no phela Edene, rapeng sa Modimo, mekgabo ya hao e le mahakwe a bohlokwa: dirubi, didaemane le ditopase; berile, kareneleane, le jasepere; safire, emeraleda le karanete. Mekgabiso ya hae e ne e le ya kgauta, tsena tsohle o no di etsetswe, wa di etsetswa mohla tlholeho ya hao.


Ke tla fedisa menyaka yohle ya hae, mekete ya hae ya selemo ka seng, ya ho thwasa ha kgwedi le ya Disabatha, mekete yohle e halalelang ke e fedise.


Kahoo ke lona ba pele ba tla thopuwa, mekete ya lona ya dijo e tla fela.


Mmino wa baletsi ba diharepa, le wa dibini, le wa makodilo, le wa diterompeta, ha o ka ke wa hlola o utlwahala ha hao. Setsebi sa mosebetsi ofe kapa ofe ha se ka ke sa hlola se bonwa ha hao. Modumo wa lelwala ha o ka ke wa hlola o utlwahala ha hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos