Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 24:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Thabo ya meropa e fedile, lerata la bathabi ha le sa le yo, thabo ya harepa e kgutsitse le yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Meropa ya thabo e kgaotsa ho tidinya, mehoo ya ba nyakaletseng le yona e a fela, pina tsa diharepa le tsona di kgaoditse.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 24:8
16 Referencias Cruzadas  

Bosiu boo a bo nyope, nyakallo e hlokahale ho jona!


Jwale, harepa ya ka e fetohile sekgapha, phala ya ka e ntsha molodi wa dillo.


ra feha diharepa tsa rona meduwaneng ya teng;


Thabo le menyaka di faletse masimong a hao; masimo a merara ha a sa tswa dipina le mehoo ya thabo; ha ho sa hatelwa merara dihatelong; ke kgutsisitse ditjhao tsa bahati.


Harepa le lesiba, moropa le phala le veine, ke tsona mekete ya bona, empa ha ba ele mosebetsi wa Jehova hloko, ha ba bone morero wa matsoho a hae.


Ka baka leo, nqalo ya bafu e ikgabolotse, molomo wa yona o ahlamile ka ho fetisisa; bokgabane ba Jerusalema bo tla theohela teng, le setjhaba sa hae, le menyaka ya hae, le ba ithabelang teng.


Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya kgutsisa nqalong ena, pela mahlo a lona le mehleng ya lona, lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa.


Ke tla kgutsisa ho bona lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, modumo wa lelwala le lesedi la lebone.


Mme metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, ke tla kgutsisa lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, hobane lefatshe le tla be le entswe lesupi.


Baholo ba hladile lekgotla, bahlankana ba tlohetse dipina tsa bona.


Ke tla kgaoletsa modumo wa dipina tsa hao, mme ha ho sa tla hlola ho utluwa modumo wa diharepa tsa hao.


O ne o le Edene, tshimong ya Modimo; o ne o apesitswe ka mahakwe wohle a mefuta, a bohlokwa, e leng rubise, topase, daemane, krisolithe, onikse, jaspe, safire, karbunkele, emerauta le kgauta. Ha hao, ho ne ho lokisitswe tshebetso ya meropa le ya diphala, haesale o hlaha.


Ke tla fedisa menyaka ya hae yohle, ke fedise mekete ya hae le mekete ya dikgwedi tse thwasang, le Disabatha tsa hae, le diphutheho tsa hae tse mahlonoko.


Ka baka leo, jwale, ba tla ya kgolehong, ba beilwe kapele ho bohle ba iswang teng; lerata la ba ikotlolotseng le tla fela.


Mme mantswe a ba tidinyang diharepa, le a ba letsang dithomo, le a ba diphala, le a ba diterompeta, ha a sa tla hlola a utlwahala ha hao; mme ha ho sa tla hlola ho fumanwa ha hao motho ya sebetsang mosebetsi ofe le ofe, leha e le modumo wa lelwala ha o sa tla hlola o utlwahala ha hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos