“Ka baka lena o moholo, wena Morena Modimo, hobane ha ho ya kang wena; ebile hape ha ho Modimo e mong ntle ho wena, ho ya ka tsohle tseo re di utlwileng ka ditsebe tsa rona.
Jeremia 10:6 - BIBELE Ha ho ya tshwanang le wena Morena, wena o moholo, bitso la hao le leholo, le matla. Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ho ya jwaloka wena, Jehova; o moholo, lebitso la hao le leholo ka baka la matla a hao. |
“Ka baka lena o moholo, wena Morena Modimo, hobane ha ho ya kang wena; ebile hape ha ho Modimo e mong ntle ho wena, ho ya ka tsohle tseo re di utlwileng ka ditsebe tsa rona.
Yaba ke a qamaka, ke ema kapele ho mahosana, le kapele ho babusi, le kapele ho setjhaba sohle, ke re: “Le se ke la ba tshaba. Hopolang Morena ya matla ya tshabehang, mme le lwanele bana babo lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le basadi ba lona, le matlo a lona.”
“Jwale, ka baka lena, wena Modimo wa rona, Modimo e moholo, ya matla, Ramatshabeho, ya bolokang selekane sa hae, ya hauhelang, tsietsi tsohle tse re hlahetseng o se ka di bebola: Tse hlahetseng kgosi tsa rona le mahosana a rona, baprista ba rona le baporofeta ba rona, bo-ntata rona le tjhaba sena sa hao sohle, ho tloha mehleng ya dikgosi tsa Asure, ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno!
Masapo a ka wohle a tla re: “Morena, ke mang ya kang wena, wena molopolli wa mohlophehi ho ya mo fetang ka matla, le wa mohlophehi le mofutsana, ho ya mo tlatlapang?”
“Morena, ke mang ya kang wena hara medimo? Ke mang ya kang wena, ya tlotlehang ka kgalalelo? Ya tshabehang ka botumo? Ya etsang mehlolo?
Faro a re: “E be hosasane!” Moshe a re: “A ho be jwalokaha o bolela, e le hore o tle o tsebe hore ha ho ya kang Morena, Modimo wa rona.
Ka nako ena ke tla romela diwa tsa ka tsohle ho wena, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao; e le hore o tle o tsebe hore ha ho ya kang nna lefatsheng lohle.
Howeletsang haholo, le didietse ka thabo, le bine lona baahi ba Sione. Ya Halalelang wa Iseraele o moholo hara lona.”
“Jwale le tla ntekanya le mang, le nketse thaka ya hae? Le tla ntekanya le mang hore ke tle ke tshwane le yena?
Hopolang taba tsa boholoholo taba tsa kgale, ke nna Modimo, ha ho na e mong; ke nna Modimo, ha ho ya tshwanang le nna.
Modimo wa Jakobo yena ha a tshwane le yona, hobane ke yena Mmopi wa tsohle; o kgethile Iseraele hore e be tjhaba sa hae, Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae.
O bontshitse lerato ho batho ba diketekete, empa o otla bana ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona. O Modimo e moholo, ya matla, Morena wa mabotho; leo ke lona lebitso la hao.
“Dipontsho tsa hae ke tse kgolo hakaakang! Dimakatso tsa hae di hlolla hakaakang! Mmuso wa hae ke wa mehla le mehla, puso ya hae e akaretsa meloko yohle!
“Ha nako e badilweng e se e fetile, nna Nebukadenesare, ke ile ka lelaletsa mahlo a ka lehodimong, kelello ya ka ya botho ya kgutla, yaba ke roka Ya Hodimodimo, ke a mo rorisa, ke tlotlisa yena ya phelang kamehla yohle: “Puso ya hae e hlola kamehla yohle, mmuso wa hae o akaretsa meloko yohle!
Ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le tla ba leholo hara ditjhaba. Dibakeng tsohle ke tla nyehellwa ka sehlabelo sa mokubetso, le sa dinyehelo tse hlwekileng, hobane lebitso la ka le tla ba leholo hara ditjhaba,” ho rialo Morena wa mabotho.
rona re na le Modimo a le mong e leng Ntate. Ke yena eo dintho tsohle di tswang ho yena, eo re mo phelelang. Hape re na le Morena a le mong, e leng Jesu Kreste. Ke yena eo dintho tsohle di entsweng ka yena, eo re phelang ka yena.
“Ha ho ya kang Modimo wa Jeshurune, ya kallang mahodimo ho tla le thusetsa, ya tlang ka tlotla ya hae a le hodima maru.