Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Malakia 1:11 - BIBELE

11 Ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le tla ba leholo hara ditjhaba. Dibakeng tsohle ke tla nyehellwa ka sehlabelo sa mokubetso, le sa dinyehelo tse hlwekileng, hobane lebitso la ka le tla ba leholo hara ditjhaba,” ho rialo Morena wa mabotho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Hobane, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, le nqalong tsohle dibano di a tjheswa, mahlabelo a hlahisetswa lebitso la ka, e leng mahlabelo a hlwekileng; hobane lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, ho bolela Jehova wa makgotla.

Ver Capítulo Copiar




Malakia 1:11
65 Referencias Cruzadas  

Morena o moholo, o lokelwa ke thoriso e kgolo, o tshabeha ho feta medimo yohle.


O lopolotse setjhaba sa hae, a laela hore selekane sa hae e be sa kamehla yohle; lebitso la hae le a halalela, mme le a tshabeha.


Ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ho roriswe lebitso la Morena.


Di tla rorisa ditsela tsa Morena, di re: “Tlotla ya Morena e kgolo.”


Thapelo ya ka e nyolohele ho wena, e nyolohe jwaloka mokubetso, ke phahamise matsoho a ka e le nyehelo ya mantsiboya.


Tulong tsa bo-ntatao ho tla dula bara ba hao, o tla ba bea mahosana naheng yohle.


Modimo, re hopola mohau wa hao re le ka Tempeleng ya hao.


Jwaloka lebitso la hao Modimo, thoriso ya hao e fihla jwalo, e fihla jwalo pheletsong tsa lefatshe. Tsoho la hao le letona le tletse toka.


Pesalema ya Asafo. Modimo ya matla wohle, Morena, o buile, o bitsa lefatshe lohle ho tloha botjhabela ho isa bophirimela.


Ba ahileng dipheletsong tsa lefatshe ba tshaba dipontsho tsa hao; o etsa hore bohle ba howe ka thabo, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela.


Modimo ako re hauhele, o re hlohonolofatse, o re bontshe sefahleho, fahleho se kganyang kgotso.


Tjhaba tsohle tseo o di bopileng di tla tla, di itihele maotong a hao Morena, di tlotlise lebitso la hao;


Thoholetsang tlotla e lokelang lebitso la Morena, tloong mabaleng a hae, le mo nyehelle.


Mohla tsatsi leo, le tla re: “Lebohang Morena, le mo rapele, phatlalatsang mesebetsi ya hae hara ditjhaba, le bolele hore bitso la hae le leholo.


Binelang Morena, hobane o entse tse tlotlehang, tsena le di tsebise lefatshe lohle.


Morena o tla etsa hore Baegepeta ba mo tsebe, mme mohla tsatsi leo, ba tla dumela hore ke yena Morena, ba mo kgumamele ka ho mo etsetsa mahlabelo, le ka ho mo nyehella ka nyehelo ya dijo. Ba tla mo etsetsa dikano, mme ba di phethe.


Bonang, bitso la Morena le tswa hole, kgalefo ya hae e a tlokoma, kotlo e boima; molomo wa Morena o tletse kgalefo, leleme le hae le ka mollo o timetsang.


e le hore ho tloha botjhabela ho ya bophirimela tjhaba di tsebe hore ha ho e mong kantle ho nna. Ke nna Morena, ha ho na e mong.


Mmopi wa hao ke yena monna wa hao, Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae; Ya Halalelang wa Iseraele ke yena Molopolli wa hao, o bitswa Modimo wa lefatshe lohle.


Bitso la Morena le tla tshajwa, le tshajwe ho tloha bophirimela, tlotla ya hae e tshajwe, e tshajwe ho tloha botjhabela. Ha sera se futuha jwaloka sekgohola, Moya wa Morena o tla se lelekela hole.


“Ke tseba diketso tsa bona le mehopolo ya bona; nako e tla fihla, ke kgobokanye ditjhaba, le ba dipuo tsohle, bohle ba tla tla ba bohe tlotla ya ka.


Ha ho ya tshwanang le wena Morena, wena o moholo, bitso la hao le leholo, le matla.


Ke mang ya ke keng a o tshaba, wena Kgosi ya ditjhaba? E hlile ho tshajwa, wena ho a o lokela. Hara banna bohle ba bahlalefi ditjhabeng, banna ba bahlalefi ba mebusong ya bona, ha ho le ya mong ya tshwanang le wena.


ha o ka hlapanya ka nna Morena ya phelang, wa hlapanya ka nnete le ka botshepehi, le ka ho loka, ditjhaba tsohle ke tla di hlohonolofatsa, ditjhaba tsohle di tla ntlotlisa.”


Jwalokaha o bone hore lejwe le ile la kgephoha thabeng, le sa kgepholwe ke motho, mme la thuakanya tshepe, le lethose, le letsopa, le silefera, le kgauta, Modimo e moholo le yena o tsebisa kgosi se tla etsahala mehleng e tlang. Toro ena ke nnete, le tlhaloso ya yona ke ya nnete.”


e le hore ba tle ba rue masalla a Edomo, le baditjhaba bohle ba bitswang ka lebitso la ka,” ho rialo Morena, yena ya tla etsa tsena.


O tla ema, a alose mohlape wa hae, a o alose ka matla a tswang ho Morena, ka bitso le tlotlehang la Morena Modimo wa hae. Ba tla phela ba sireletsehile, hobane boholo ba hae bo tla nama, bo namele pheletsong tsa lefatshe.


Ho bona Morena o tla tshabeha, a fedise medingwana yohle ya lefatshe. Tjhaba tsohle tse mabopong di tla mo kgumamela, motho ka mong a mo kgumamele a le ha habo.”


Mohlang oo ke tla fedisa puo tse mpe tsa ditjhaba, bohle ba tle ba ipiletse ho Morena, ba mo sebeletse ba le ntsweleng.


Morena wa mabotho o bua tjena: “Bonang! Ke tla lopolla setjhaba sa ka dinaheng tse ka botjhabela le tse ka bophirimela.


“Ho madimabe mothetsi eo ereng ha a ena le phoofolo e tona mohlapeng wa hae, e ka amohelehang, a ikane hore o tla nyehela ka yona, empa ebe o etsetsa Morena sehlabelo ka e nang le sepha! Etswe nna ke kgosi e kgolo,” ho rialo Morena wa mabotho, “mme ke lokela ho hlomphuwa hara ditjhaba.”


O tla dula fatshe jwaloka ya tshekang, a hlwekisa silefera. O tla hlwekisa Balevi, a ba tsheke jwaloka kgauta le silefera, ba tle ba tlisetse Morena dinyehelo tse lokelang.


Le lefiswana le le leng la kgauta, leo boima ba lona e neng e le dikeramo tse lekgolo le leshome, le tletseng mokubetso.


Eyang ke hona le ditjhaba tsohle, le di etse barutuwa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang,


Ke a le bolella, ba bangata ba tla tswa botjhabela le bophirimela, ba be dijong le Aborahama, Isaka le Jakobo Mmusong wa mahodimo,


mme bongata bohle ba batho bo ne bo rapela kantle ka nako ya ha ho kubetswa.


Bana beso, ka baka la mohau wa Modimo, ke a le rapela hore le ineele Modimo, le le sehlabelo se phelang, se halalelang, se mo kgahlisang, e leng tshebeletso ya lona e tshwanelehang.


wa hore ke be mosebeletsi wa Kreste Jesu hara baditjhaba. Ka ho bolela molaetsa o molemo wa Modimo ke phetha mosebetsi wa boprista, hore baditjhaba e tle e be nyehelo e amohelehang ho Modimo, e halaleditsweng ke Moya o Halalelang.


Ke fumane tsohle tseo ke di hlokang, esita le ho feta; ke thusitswe kahohlehohle ka ho amohela ho Epafaroditose tse tswang ho lona, tseo e leng nyehelo e monko o monate, sehlabelo se amohelehang, se kgahlisang Modimo.


Ka tsela ena le tla tlotlisa Morena wa rona Jesu, le yena a le tlotlise ka mohau wa Modimo wa rona le wa Morena Jesu Kreste.


Ke lakatsa hore dibakeng tsohle banna ba rapele, ba phahamise matsoho a se nang molato, ho se kgalefo kapa ngangisano.


Jwale lengeloi la bosupa la letsa terompeta, mme lehodimong ha utlwahala mantswe a phahameng, a reng: “Puso ya lefatshe e se e le ya Morena wa rona, le ya Mesia wa hae, mme o tla busa kamehla le mehla.”


Ke mang ya ke keng a o tshaba, Morena? Ke mang ya ke keng a tlotlisa bitso la hao? Hobane ke wena feela ya halalelang. Ditjhaba tsohle di tla tla, di o kgumamele, hobane dikahlolo tsa hao di bonahaditswe.”


Eitse ha e nka buka, dibopuwa tse nne tse phelang, le baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba itihela fatshe kapele ho Konyana. E mong le e mong o ne a tshwere harepa le lefiswana la kgauta le tletseng mokubetso, oo e leng dithapelo tsa bahalaledi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos