Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 4:14 - BIBELE

14 Yaba ke a qamaka, ke ema kapele ho mahosana, le kapele ho babusi, le kapele ho setjhaba sohle, ke re: “Le se ke la ba tshaba. Hopolang Morena ya matla ya tshabehang, mme le lwanele bana babo lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le basadi ba lona, le matlo a lona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ka tadima, ka ema, ka re ho baholo le ho mahosana le ho ba bang ba setjhaba: Le se ke la ba tshaba; le mpe le hopole Morena e moholo ya tshabehang, mme le lwanele banababo lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le basadi ba lona, le matlo a lona.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 4:14
34 Referencias Cruzadas  

Tiisa matla, re lwanele setjhaba sa habo rona, le metse ya Modimo wa rona ka sebete. Morena a ke a etse seo yena a bonang hore se lokile.”


“Ebang matla, le tsohe molota, le se ke la tshaba kapa la nyahamiswa dipelo ke kgosi ya Asiria, kapa ke letshewelehadi leo a nang le lona, hobane ya re thusang o matla ho feta ya mo thusang.


Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo wa mahodimo, ke a o rapela: Wena Modimo e moholo, ya tshabehang, ya bolokang selekane sa hae sa lerato ho ba mo ratang, ba mamelang melao ya hae,


le hlaha ka leboya e ka kgauta, tlotla ya Modimo e re kenyetse tshabo.


Ke hopola ditshiu tsa boholoholo, ke lohotha diketso tsa hao tsohle, ke nahana mesebetsi, mesebetsi ya matsoho a hao.


Jwale ke a tseba hore Morena o nea tlholo, o e nea Motlotsuwa wa hae, o mo arabela a le sehalalelong, a le sehalalelong sa hae sa lehodimo. O mo arabela ka ketso tse pholosang, ketso tsa letsoho la hae le letona.


Pesalema ya Davida. Morena ke lesedi la ka le pholoho ya ka; nka tshaba mang? Morena ke setshabelo sa bophelo ba ka; nka tshoha mang?


“Kgaotsang, le tsebe hore nna ke Modimo, ke tla okamela ditjhaba, ke okamele lefatshe.”


Ho lehlohonolo eo o mo kgethileng, wa mo amohela, hore a tle a ahe mabaleng a hao. Re tla kgora tse molemo tsa Ntlo ya hao, tse halalelang tsa Tempele ya hao.


Ereng ho Modimo: “Mesebetsi ya hao e tshabeha hakaakang! Ka baka la matla a hao a maholo, dira tsa hao di a o qekisa.


Tloong, le bohe mesebetsi ya Modimo: O a tshabeha diketsong tsa hae, ketsong tsa hae ho bana ba batho.


Morena o tla le lwanela, lona le ntse le itholetse!”


A kgina mabidi a dikariki tsa bona tsa ntwa, mme dikariki tsa ntwa tsa tsamaya haboima. Baegepeta ba re: “A re baleheng Baiseraele, hobane Morena o a ba lwanela!”


Hopola Mmopi wa hao o sa le motjha, matsatsi a ditsietsi a eso ka a fihla, ho eso tle dilemo tseo ka tsona o tla re: “Ha ke sa thabiswa ke letho ho tsona!”


Ba kwenehetseng selekane e tla ba hapa ka leleme le monate, empa setjhaba se tsebang Modimo wa sona se tla e hanyetsa se tiile.


Morena o tla futuhela ditjhaba tseo, jwalokaha a e hlanaka mohla tsatsi la ntwa.


Feela le se ke la fetohela Morena, mme le se ke la tshaba baahi ba naha eo, hobane rona re tla ba ripitla. Ha ba sa na mosireletsi, athe rona o na le rona. Le se ke la tshaba.”


Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa ba ke ke ba bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho timetsa moya le mmele diheleng.


Bonang, Morena Modimo wa lona, o le neile naha ena. Nyolohang le yo inkela yona, jwalokaha Morena Modimo wa bo-ntata lona, a buile ho lona. Le se ke la tshaba; le se ke la nyahama dipelo.’


Morena Modimo wa lona, ke Modimo e moholo, ke Modimo wa medimo, ya matla, ya tshabehang. Ha a na leeme, ha a amohele tjotjo.


Ke ka baka leo re leng sebete ho re: “Morena ke mothusi wa ka, nke ke ka tshaba letho. Motho a ka nketsang?”


Ke se ke o laetse: Tsoha molota, o be sebete! O se ke wa tshaba, kapa wa nyahama pelo, hobane Morena Modimo wa hao, o na le wena hohle moo o yang teng.”


Ha a fihla naheng e maralla ya Efraime a letsa lenaka. Bana ba Iseraele ba tloha naheng e maralla, ba theoha, yena a ba eteletse pele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos