Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 8:10 - BIBELE

10 Faro a re: “E be hosasane!” Moshe a re: “A ho be jwalokaha o bolela, e le hore o tle o tsebe hore ha ho ya kang Morena, Modimo wa rona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 A re: Hosasane. Yaba o re: Ho tla ba jwalokaha o boletse o tle u tsebe hobane ha ho ya tshwanang le Jehova, Modimo wa rona.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 8:10
21 Referencias Cruzadas  

“Ka baka lena o moholo, wena Morena Modimo, hobane ha ho ya kang wena; ebile hape ha ho Modimo e mong ntle ho wena, ho ya ka tsohle tseo re di utlwileng ka ditsebe tsa rona.


“Oho, Morena, ha ho ya kang wena; ebile hape ha ho Modimo e mong ntle ho wena, ho ya ka tsohle tseo re di utlwileng ka ditsebe tsa rona.


Ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba tshohele ruri, ba tlontlolohe, mme ba timele.


Morena, ha ho ya tshwanang le wena, ya tshwanang le wena hara medimo, ha ho mesebetsi e kang ya hao.


Ditjhaba di wetse lemeneng leo di le tjhekileng, maoto a tsona a tshwasitswe ke leraba leo di le tjhehileng.


“Morena, ke mang ya kang wena hara medimo? Ke mang ya kang wena, ya tlotlehang ka kgalalelo? Ya tshabehang ka botumo? Ya etsang mehlolo?


Yaba Moshe o re ho Faro: “Eba mosa ho kgetha nako eo ke tla o rapella ka yona, wena mmoho le bahlanka ba hao, le setjhaba sa hao, hore dihohwana di tloswe ho wena, le ka tlung ya hao, di sale ka nokeng feela.”


Ka nako ena ke tla romela diwa tsa ka tsohle ho wena, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao; e le hore o tle o tsebe hore ha ho ya kang nna lefatsheng lohle.


Moshe a re ho Faro: “Hanghang ha ke etswa motseng mona, ke tla phahamisetsa matsoho a ka ho Morena; letolo le tla kgaotsa, le sefako se ke ke sa hlola se eba teng, hore o tle o tsebe hore lefatshe ke la Morena.


O se ke wa ithorisa ka la hosasane, hobane ha o tsebe hore le ka o tlela ka dife.


Jwale Modimo le ka mo lekanya le mang? Hona le ka re o tshwana le mang?


“Jwale le ka ntekanya le mang? La re thaka ka yena ke mang?” ho rialo Ya Halalelang.


Hopolang taba tsa boholoholo taba tsa kgale, ke nna Modimo, ha ho na e mong; ke nna Modimo, ha ho ya tshwanang le nna.


‘Oho, Morena Modimo, o qadile ho bontsha mohlanka wa hao boholo ba hao, le matla a hao. Ke modimo ofe lehodimong kapa lefatsheng, ya ka etsang mesebetsi e tshwanang le ya hao, le diketso tse matla, tse tshwanang le tsa hao?


‘Fika’ la bona ha e ke Fika la rona, le dira tsa rona di ka re pakela.


“Ha ho ya kang Modimo wa Jeshurune, ya kallang mahodimo ho tla le thusetsa, ya tlang ka tlotla ya hae a le hodima maru.


“Le bontshitswe tsena hore le tsebe hore Morena ke yena Modimo, ha ho Modimo e mong kantle ho yena.


“Ka baka leo he, ho tloha ka letsatsi lena tsebang, mme le se ke la lebala hore Morena ke yena Modimo ya hodimo, lehodimong, le ya lefatsheng, katlase ho lefatshe. Ha ho na Modimo e mong.


Ha le tsebe hore na la hosasane le tla le tlela le eng, kapa bophelo ba lona bo tla ba jwang, hobane le tshwana feela le mohodi, o bonahalang nakwana, o nto nyamela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos