Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 8:11 - BIBELE

11 Dihohwana di tla tloha ho wena, le matlung a hao, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao, di sale ka nokeng feela.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Dihohwana di tla tloha ho wena, le matlung a hao, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao, di sale nokeng feela.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 8:11
7 Referencias Cruzadas  

Jwale Morena a re ho Moshe: “Ha o kgutlela Egepeta, hlokomela hore mehlolo yohle eo ke o neileng matla a ho e etsa, o e etse moo Faro a ntseng a bona. Empa ke tla thatafatsa pelo ya hae, mme a ke ke a lokolla setjhaba hore se tsamaye.


Feela pelo ya Faro ya nna ya thatafala, a se ke a ba mamela, jwalokaha Morena a ne a ile a bolela.


Jwale Morena a re ho Moshe: “Pelo ya Faro e thatafetse, o hana ho lokolla setjhaba hore se tsamaye.


Yaba Moshe le Arone ba tloha ho Faro; Moshe a ipiletsa ho Morena ka taba ya dihohwana tseo Morena a neng a di rometse ho Faro.


Morena a etsa kamoo Moshe a boletseng kateng; dihohwana tsa shwela ka matlung, le mabaleng, le masimong.


Noka e tla nyeunya dihohwana; di tla tswa nokeng, di kene ka tlung ya hao, le ka kamoreng ya hao ya ho robala le betheng ya hao, le ka matlung a bahlanka ba hao, le hara setjhaba sa hao; le ka diboping tsa hao, le ka dijaneng tsa hao tse dubelang bohobe.


Yaba Moshe o re ho Faro: “Eba mosa ho kgetha nako eo ke tla o rapella ka yona, wena mmoho le bahlanka ba hao, le setjhaba sa hao, hore dihohwana di tloswe ho wena, le ka tlung ya hao, di sale ka nokeng feela.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos