Empa Morena a otla Faro, le ba lelapa la hae, ka dikotlo tse kgolo, ka baka la Sarai, mosadi wa Aborame.
Genese 20:3 - BIBELE Empa Modimo a etela Abimeleke ka toro, bosiu, a re ho yena: “Bona, o lekgatheng la ho shwa ka baka la mosadi eo o mo nkileng, hobane ke mosadi wa motho.” Sesotho 1909/1961 (SO) Empa Modimo wa tla ho Abimeleke bosiu torong, mme wa re ho yena: Bona, o motho ya shweleng ka baka la mosadi eo o mo nkileng, hobane o nyetswe ke monna. |
Empa Morena a otla Faro, le ba lelapa la hae, ka dikotlo tse kgolo, ka baka la Sarai, mosadi wa Aborame.
Yaba Faro o bitsa Aborame, o re ho yena: “Ke eng ye, eo o e entseng ho nna? Ke ka baka lang o sa kang wa mpolella hore ke mosadi wa hao?
Jwale he, kgutlisa mosadi enwa wa motho, hobane monna wa hae ke moporofeta, o tla o rapella, mme o tla phela. Empa haeba o sa mo kgutlise, tseba hore ruri o tla shwa, wena le bohle ba heno.”
A lora toro, mme ho yona a bona lere e hlonngweng fatshe, e ilo fihla lehodimong. A bona mangeloi a Modimo a ntse a ehlwa, a theoha ka yona.
Empa Modimo a fihla ho Labane wa Moarame ka toro, bosiu, a re ho yena: “Hlokomela, o se ke wa buisa Jakobo hantle kapa hampe.”
A boela a lora toro e nngwe, mme a e phetela bana babo, a re: “Mamelang, ke lorile toro e nngwe hape: letsatsi, le kgwedi, le dinaledi tse leshome le motso o mong di ne di nkgumamela.”
Ka bosiu bo bong, ba neng ba kwaletswe tjhankaneng, e leng moqhatsetsi le moapehi wa kgosi ya Egepeta, bobedi ba bona ba lora ditoro; monna ka mong a lora toro ya hae, e nang le tlhaloso ya yona.
Ba re ho yena: “Re lorile ditoro, me ha ho ya re hlalosetsang tsona.” Josefa a re ho bona: “Na ditlhaloso hase tsa Modimo? Mpolelleng ditoro tseo, ke a le kopa.”
Modimo a bua le Iseraele ka pono, bosiu, a re: “Jakobo! Jakobo!” Yena a re: “Ke nna enwa!”
Modimo ha a a ka a dumella motho hore a ba tube, mme ka baka la bona a kgalemela dikgosi.
Torong le ponong tsa bosiu, ha phume sa boroko batho se ba katetse, phateng tsa bona ba kgalehile,
Modimo ha a a ka a dumela, a dumella motho hore a ba tube, mme ka baka la bona a kgalema dikgosi, a re:
Jonase a tsamaya hara motse ka letsatsi la pele, a nto howa, a re: “Kamora matsatsi a mashome a mane feela, Ninife e tla be e timeditswe!”
Yare a sa hopotse jwalo, lengeloi la Morena la iponahatsa ho yena torong, la re: “Josefa, mora Davida, o se ke wa tshaba ho inkela Maria mohatsa hao, hobane se emotsweng ke yena se tswa ho Moya o Halalelang;
Yare a sa dutse setulong sa boahlodi, mohatsa hae a romela ho yena, a re: “O se ke wa ba le taba le motho eo ya lokileng, hobane ke ile ka tshwenyeha habohloko kajeno ha ke lora.”