Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jonase 3:4 - BIBELE

4 Jonase a tsamaya hara motse ka letsatsi la pele, a nto howa, a re: “Kamora matsatsi a mashome a mane feela, Ninife e tla be e timeditswe!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Jonase a qala ho kena motseng, a etsa leeto la letsatsi le le leng, a ntse a howa, a re: Kamora matsatsi a mashome a mane, Ninive o tla timetswa.

Ver Capítulo Copiar




Jonase 3:4
10 Referencias Cruzadas  

Mehleng eo, Hesekiya a kulela lefu. Yaba moporofeta Esaya, mora wa Amose, o fihla ho yena, o re: “Morena o bua tjena: ‘Lokisa tsa lelapa la hao, hobane o tla shwa; o ke ke wa hlola o phela.’ ”


Ke tla eketsa ditshiu tsa hao ka dilemo tse leshome le metso e mehlano. Wena, le ba motse ona, ke tla le namolela matsohong a kgosi ya Asiria. Motse ona ke tla o sireletsa ka lebaka la ka, le ka lebaka la mohlanka wa ka Davida.’ ”


Empa Morena o rata ho le hauhela, o labalabela ho tla le rekolohela, hobane Morena ke Modimo wa toka, ho lehlohonolo bohle ba mo lebeletseng.


‘Haeba le ka nna la phela naheng ena, ke tla le bopa, ke se ke ka le qhalanya; ke tla le tsitsisa, ke se ke ka le diha, hobane ke inyatsetsa koduwa eo ke ileng ka e dihela hodima lona.


Yare ha Modimo a bona diketso tsa bona, le kamoo ba baketseng bokgopo ba bona kateng, a ba utlwela bohloko, mme a se ke a ba otla jwalokaha a ne a itse o tla ba otla. A fela a se ke a ba otla.


Mohla kahlolo batho ba Ninife ba tla ema, ba qose moloko ona, ba o ahlole, hobane ba ne ba bake ha ba rutwa ke Jonase, empa bonang, mona ho teng ya fetang Jonase.


Jwalokaha Jonase e ile ya eba sesupo ho ba Ninife, Mora Motho le yena o tla ba jwalo ho moloko ona.


Batho ba Ninife ba tla ema, ba qose moloko ona, ba o ahlole, hobane ba ne ba bake ha ba rutwa ke Jonase, empa bonang, mona ho teng ho fetang Jonase.”


Ha moporofeta a bua ka lebitso la Morena, empa ntho eo a e buang e sa etsahale, e sa phethahale, ntho eo ke e sa buuwang ke Morena. Moporofeta eo o e buile ka boikakaso; le se ke la mo tshaba.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos