Empa Modimo a etela Abimeleke ka toro, bosiu, a re ho yena: “Bona, o lekgatheng la ho shwa ka baka la mosadi eo o mo nkileng, hobane ke mosadi wa motho.”
Jwalokaha o bone hore lejwe le ile la kgephoha thabeng, le sa kgepholwe ke motho, mme la thuakanya tshepe, le lethose, le letsopa, le silefera, le kgauta, Modimo e moholo le yena o tsebisa kgosi se tla etsahala mehleng e tlang. Toro ena ke nnete, le tlhaloso ya yona ke ya nnete.”
Modimo a fihla ho Bileame bosiu, mme a re ho yena: “Haeba banna bana ba tlilo o bitsa, ema, o tsamaye le bona. Feela wena o tla etsa seo ke tla o bolella sona.”
Yaba Bileame o re ho bona: “Robaletsang mona bosiung bona, mme ke tla le arabela ho ya kamoo Morena a tla bua le nna kateng.” Mahosana ana a Moabe a robaletsa ha Bileame.
hobane bo-Kreste ba bohata le baporofeta ba bohata ba tla hlaha, mme ba tla etsa dipontsho le dimakatso tse kgolo hore, haeba ho ka etsahala, ba tle ba kgelose le bona bakgethwa.
Tsatsing leo ba bangata ba tla re ho nna: ‘Morena, Morena, na ha re a ka ra porofeta ka lebitso la hao, ra leleka bademona ka lebitso la hao, ra etsa diketso tse ngata, tse hlollang, ka lebitso la hao na?’