Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 22:8 - BIBELE

8 Yaba Bileame o re ho bona: “Robaletsang mona bosiung bona, mme ke tla le arabela ho ya kamoo Morena a tla bua le nna kateng.” Mahosana ana a Moabe a robaletsa ha Bileame.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Yaba o re ho bona: Hlolang mona bosiu, mme ke tla le nea karabo ka tseo Jehova a tlang ho mpolella tsona. Mme marena a Moabe a hlola ha Balaame.

Ver Capítulo Copiar




Numere 22:8
13 Referencias Cruzadas  

Moporofeta wa Modimo a re ho kgosi: “Leha o ne o ka nnea halofo ya leruo la hao, ke ne nke ke ka ya. Nke ke ka ja dijo, kapa ka nwa metsi sebakeng sena.


Empa Mmikiya a re: “Ka Morena ya phelang, ke tla bua feela tseo Morena a mpolellang tsona!”


O ba hlomile, metso ya bona e tebile; ba a mela, ba beha ditholwana. Ba bua ka wena ka molomo feela, empa pelo tsa bona tsona di hole le wena!


Setjhaba sena se tla ho wena, jwalokaha batho ba nne ba phuthehe, ba dule kapele ho wena, ba mamele dipolelo tsa hao, empa ba sa di phethe. Ka melomo ya bona ba bua jwalokaha eka ke batho ba nang le lerato, empa dipelo tsa bona di nyoretswe ho rua ka bolotsana.


Morena a re ho bona: “Jwale utlwang mantswe a ka: Haeba ho na le moporofeta hara lona, nna, Morena, ke tla itsebisa yena ka pono, ke tla bua le yena ka toro.


Bileame a arabela bahlanka ba Balake, a re: “Leha Balake a ka mpha ntlo ya hae e tletse silefera le kgauta, nke ke ka tlola taelo ya Morena Modimo wa ka, ka ho etsa ntho e kgolo kapa e nyenyane.


Bileame a re ho Balake: “Bona he, ke se ke le teng. Ke na le matla afe a ho bua letho? Ke tla bua feela seo Modimo a reng ke se bue.”


Baholo ba Moabe le baholo ba Midiane ba tloha ba nkile tjhelete ya bonohe. Ba fihla ho Bileame, mme ba mo phetela molaetsa wa Balake.


Modimo a fihla ho Bileame, a re: “Banna baa ba nang le wena ke bomang?”


Bileame a mo arabela, a re: “Na ha ho jwalo? Ha ke a tshwanela ho bua seo Morena a itseng ke se bue?”


Jwale Bileame a re ho Balake: “Ema pela nyehelo ya hao ya setjheso, mme ke tla tsamaya, mohlomong Morena o tla tla nkgahlanyetsa. Eng kapa eng eo a mpontshang yona, ke tla o bolella yona.” Bileame a ikela a le inotshi hodima leralla le se nang letho.


‘Leha Balake a ka mpha ntlo ya hae e tletse silefera le kgauta, nke ke ka tlola taelo ya Morena ka ho etsa ho lokileng kapa ho hobe, ke tla bua feela seo Morena a reng ke se bue’?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos