Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 12:18 - BIBELE

18 Yaba Faro o bitsa Aborame, o re ho yena: “Ke eng ye, eo o e entseng ho nna? Ke ka baka lang o sa kang wa mpolella hore ke mosadi wa hao?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Yaba Faro o bitsa Abrame, a re: O nketseditseng taba eo? Ha o a ka wa mopolella keng hoba ke mosadi wa hao?

Ver Capítulo Copiar




Genese 12:18
15 Referencias Cruzadas  

Ke ka baka lang o ileng wa re: ‘Ke kgaitsedi ya ka,’ mme yaba ke mo nka hore e be mosadi wa ka? Ka baka leo, mosadi wa hao ke eo he! Mo nke, o tsamaye!”


Empa Modimo a etela Abimeleke ka toro, bosiu, a re ho yena: “Bona, o lekgatheng la ho shwa ka baka la mosadi eo o mo nkileng, hobane ke mosadi wa motho.”


Yare ha bo esa, bo bonahala hore ke Lea, Jakobo a re ho Labane: “Ke eng ee, eo o nketseditseng yona? Na ha ke o sebeletsa, ke ne ke sa sebeletse hore o nnee Ragele? Jwale o nthetseditseng?”


Jwale Morena Modimo a re ho mosadi: “Ke eng ee, eo o e entseng?” Mosadi a re: “Noha e ile ya nqhekella, mme ka fela ka ja.”


Yaba Labane o re ho Jakobo: “O entseng, ha o nthobetse tjee, mme o nkile baradi ba ka jwalokaha eka ba hapilwe ntweng?


Morena a re: “O entseng? Lentswe la madi a ngwaneno le ipiletsa ho nna le etswa mobung.


Josefa a re ho bona: “Ke ketso nngwe ee, eo le e entseng? Na ruri ha le tsebe hore motho ya kang nna a ka noha?”


Yaba Joabe o fihla ho kgosi, o re: “Ke eng ee, eo o e entseng? Bona mona, Abinere o ne a tlile ho wena; ke ka baka lang ha o ile wa mo lokolla, mme jwale a etse ruri?


Jwale Moshe a re ho Arone: “Setjhaba see se o senyeditse eng, ha o se tliseditse sebe se sekaalekaale?”


Pelo ya kgosi e ka atleng tsa Morena, o e isa moo a ratang sa metsi a molatswana.


Yaba Joshua o re ho Akane: “Ngwanaka, ke a o rapela: Tlotlisa Morena Modimo wa Iseraele, o ipolele ho yena. Ke a o rapela: Mpolelle seo o se entseng. O se ke wa mpatela letho.”


Feela lona le se ke la etsa selekane le baahi ba naha ena, le heletse dialetare tsa bona.’ Empa ha le a ka la mamela lentswe la ka. Jwale le entse eng?


Saule a re ho Jonathane: “Mpolelle seo o se entseng!” Jonathane a mmolella, a re: “Ruri ke ile ka latswa mahe a dinotshi hanyenyane ka ntlha ya molamu o neng o le letsohong la ka. Ke nna enwa; ke tla shwa.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos