Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 40:5 - BIBELE

5 Ka bosiu bo bong, ba neng ba kwaletswe tjhankaneng, e leng moqhatsetsi le moapehi wa kgosi ya Egepeta, bobedi ba bona ba lora ditoro; monna ka mong a lora toro ya hae, e nang le tlhaloso ya yona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Jwale ba lora toro ba babedi, mong ka mong toro ya hae, ka bosiu bo le bong, mong ka mong ka hlalosetso ya toro ya hae, moqhatsetsi le maopehedi, wa morena wa Egepeta, ba neng ba holehilwe ka tlung ya teronko.

Ver Capítulo Copiar




Genese 40:5
18 Referencias Cruzadas  

Empa Modimo a etela Abimeleke ka toro, bosiu, a re ho yena: “Bona, o lekgatheng la ho shwa ka baka la mosadi eo o mo nkileng, hobane ke mosadi wa motho.”


Ha tsena di se di fetile, moqhatsetsi wa kgosi ya Egepeta le moapehi wa yona ba kgopisa morena wa bona, kgosi ya Egepeta.


Mookamedi wa balebedi ba tjhankana a laela Josefa hore a ba sebeletse, a ba fepe, mme ba qeta nako e itseng ba ntse ba kwaletswe.


Hoseng, ha Josefa a kena ka ho bona, a ba sheba, a bona ba tshwenyehile.


Ba re ho yena: “Re lorile ditoro, me ha ho ya re hlalosetsang tsona.” Josefa a re ho bona: “Na ditlhaloso hase tsa Modimo? Mpolelleng ditoro tseo, ke a le kopa.”


Ka bosiu bo bong, rona le yena ra lora toro; e mong le e mong a lora toro ya hae, e nang le tlhaloso ya yona.


Bosiung bona boo kgosi ya hlobaela, ya ba ya laela hore e tlisetswe buka eo ho ngotsweng diketsahalo tse fetileng ho yona, mme ya e ballwa.


Daniele, ya neng a bitswa Beleteshasare, a qeta nakwana a tsielehile haholo, a tshwenyehile. Kgosi ya re ho yena: “Beleteshasare, o se ke wa tshwenngwa ke toro ena, kapa ke tlhaloso ya yona.” Beleteshasare a araba, a re: “Morena ka, eka toro ena e ka be e tobile ba o hloileng, le tlhaloso ya yona e tobile dira tsa hao!


Yaba ke lora toro e ileng ya ntshosa. Ha ke robetse diphateng tsa ka ke ne ke tshwenngwa haholo ke menahano ya ka le ke dipono tseo ke neng ke di bona.


“Wena Beleteshasare, mookamedi wa dinohe, ke tseba hore moya wa medimo e halalelang o ka ho wena, mme ha ho sephiri se ka o sitang. Toro ya ka ke ena; ako ntlhalosetse yona.


Morena a re ho bona: “Jwale utlwang mantswe a ka: Haeba ho na le moporofeta hara lona, nna, Morena, ke tla itsebisa yena ka pono, ke tla bua le yena ka toro.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos