Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 40:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Jwale ba lora toro ba babedi, mong ka mong toro ya hae, ka bosiu bo le bong, mong ka mong ka hlalosetso ya toro ya hae, moqhatsetsi le maopehedi, wa morena wa Egepeta, ba neng ba holehilwe ka tlung ya teronko.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Ka bosiu bo bong, ba neng ba kwaletswe tjhankaneng, e leng moqhatsetsi le moapehi wa kgosi ya Egepeta, bobedi ba bona ba lora ditoro; monna ka mong a lora toro ya hae, e nang le tlhaloso ya yona.

Ver Capítulo Copiar




Genese 40:5
18 Referencias Cruzadas  

Empa Modimo wa tla ho Abimeleke bosiu torong, mme wa re ho yena: Bona, o motho ya shweleng ka baka la mosadi eo o mo nkileng, hobane o nyetswe ke monna.


Yare kamora ditaba tsena, moqhatsetsi wa morena wa Egepeta le moapehedi wa hae ba sitelwa mong a bona, morena wa Egepeta.


Molaodi wa balebedi a ba laeletsa Josefa hore a ba baballe; mme ba dula ditshiu teronkong.


Josefa a tla ho bona ka meso, a ba bona ba hlwentse.


Ba re ho yena: Re lorile ditoro, mme ha ho ya di phuthollang. Josefa a re ho bona: Diphuthollo na ha di tswe ho Modimo na? A le ke le mpolelle hle.


Ra lora ditoro bosiung bo le bong, nna le yena, mong le mong toro ya hae ka phuthollo ya yona.


Bosiung bona boo, morena a hlobaela boroko; yaba o re, ho tliswe buka ya dikgopotso, ya ditaba tsa mmuso, ya ba ya balwa pela morena.


Yaba Daniele, ya reilweng Beltsatsare, o sala a tsielehile ka motsotso, mme a ferekanngwa ke mehopolo ya hae.


ha ke tla ba le toro e ntshositseng, mme mehopolo ya ka, ha ke le ditaong tsa ka, le dipono tsa hlooho ya ka, tsa mpherekanya.


Beltsatsare, hlooho ya babohlale, erekaha ke tseba hoba moya wa medimo e halalelang o teng ho wena, le hoba ha o kgahlwe ke sephiri leha e ka ba sefe le sefe, o qaqise dipono tseo ke di lorileng, le kwahollo ya tsona.


A re: Mamelang mantswe a ka hantle: moporofeta ha a le teng hara lona, nna, Jehova, ke ipontsha ho yena ka pono, ke bua le yena ka toro.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos