Jwale ba lora toro ba babedi, mong ka mong toro ya hae, ka bosiu bo le bong, mong ka mong ka hlalosetso ya toro ya hae, moqhatsetsi le maopehedi, wa morena wa Egepeta, ba neng ba holehilwe ka tlung ya teronko.
A botsa ditona tsa Faro, tse neng di kentswe teronkong le yena ka tlung ya mong a hae, a re: Ke ka lebaka lang ha difahleho tsa lona di hlwentse kajeno?
Yare hosasa, moya wa hae wa be o tshohile; a romela ho bitsa dinohe kaofela tsa Egepeta, le ba bohlale ba teng. Yaba Faro o ba bolella ditoro tsa hae, empa ha ho a ka ha eba le a mong ho bona ya tsebang ho di phuthollela Faro.
Yaba nna Daniele, ke wa ke idibane, ka kula ka ditshiu tse ding; ka ntoo tsoha, ka tshwara mesebetsi ya morena, ke ntse ke maketse ke pono eo, eo ho seng motho ya neng a ka e utlwa.