Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 40:8 - BIBELE

8 Ba re ho yena: “Re lorile ditoro, me ha ho ya re hlalosetsang tsona.” Josefa a re ho bona: “Na ditlhaloso hase tsa Modimo? Mpolelleng ditoro tseo, ke a le kopa.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ba re ho yena: Re lorile ditoro, mme ha ho ya di phuthollang. Josefa a re ho bona: Diphuthollo na ha di tswe ho Modimo na? A le ke le mpolelle hle.

Ver Capítulo Copiar




Genese 40:8
17 Referencias Cruzadas  

Yaba moqhatsetsi e moholo o phetela Josefa toro ya hae, o re ho yena: “Torong ya ka ke bone sefate sa morara se le kapele ho nna,


Yaba Josefa o re ho Faro: “Ditoro tsena tsa Faro ke ntho e le nngwe; Modimo o senoletse Faro seo a leng lekgatheng la ho se etsa.


“Haeba lengeloi le leng la a sekete, le le hlakoreng la hae, e le mmoelanyi, le ruta motho seo e leng toka,


Morena ke motswalle wa ba mo tshabang, o ba tsebisa selekane sa hae.


Ha batho ba re le yo botsa ho ba buisanang le bafu le ho baloi ba hweshetsang, ba beraberang, na batho ha ba tshwanele ho botsa Modimo wa bona, ho ena le hore ba phelang ba botse bafu?


Seo kgosi e se batlang se thata haholo, mme ha ho motho ya ka se bolellang kgosi, haese medimo feela, e sa pheleng le batho.”


Daniele a araba kgosi e ntse e utlwa, a re: “Sephiri seo kgosi e ratang ho se tseba se ke ke sa hlaloswa ke bahlalefi, balepi ba dinaledi, baloi kapa dinohe.


Empa ho na le Modimo lehodimong ya senolang diphiri. Ke yena ya tsebisang kgosi Nebukadenesare tse tlang ho etsahala mehleng e tlang. Toro ya hao le dipono tseo o di boneng ha o ntse o robetse diphateng tsa hao, ke tsena:


Kgosi ya re ho bona: “Ke lorile toro, mme moya wa ka o hlorela ho tseba seo e se bolelang.”


Kgosi ya re ho Daniele: “Kannete Modimo wa lona ke Modimo wa medimo, ke Morena wa dikgosi, ke mosenodi wa diphiri, hobane ke mona o tsebile ho senola sephiri sena.”


Qetellong Daniele o ile a tla ho nna. Lebitso la hae ke Beleteshasare, hobane o reeletswe modimo wa ka, o bile o na le moya wa medimo e halalelang ka ho yena. Ke ile ka mo phetela toro ya ka, ka re:


Ke utlwile hore o tseba ho etsa ditlhaloso, le ho araba dipotso tse thata. Jwale, haeba o ka bala mongolo ona, wa ba wa ntlhalosetsa seo o se bolelang, o tla apeswa diaparo tse perese, o rweswe sekgama sa kgauta molaleng, mme o be mmusi wa boraro pusong ena ya ka.”


Ruri Morena Modimo ha a ke a etsa letho a eso senole morero wa hae, a o senolela bahlanka ba hae, bahlanka ba hae, baporofeta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos