Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 40:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ba re ho yena: Re lorile ditoro, mme ha ho ya di phuthollang. Josefa a re ho bona: Diphuthollo na ha di tswe ho Modimo na? A le ke le mpolelle hle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Ba re ho yena: “Re lorile ditoro, me ha ho ya re hlalosetsang tsona.” Josefa a re ho bona: “Na ditlhaloso hase tsa Modimo? Mpolelleng ditoro tseo, ke a le kopa.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 40:8
17 Referencias Cruzadas  

Yaba molaodi wa baqhatsetsi o bolella Josefa toro ya hae, a re ho yena: Ke lorile ke bona sefate sa morara pela ka;


Yaba Josefa o re ho Faro: Toro ya Faro e nngwe. Modimo o tsebisitse Faro seo o yang ho se etsa.


Jwale ha ho ka tla ho yena lengeloi le mo hlalosetsang ditaba, le tswang makgotleng a lehodimo, la mo kenya tseleng e lokileng,


Lekunutu la Jehova ke la ba mo tshabang, o ba ruta selekane sa hae.


Ha ba ka re ho lona: Botsisisang ba nyollang bafu, le dinohe tse toutang, tse wewetsang, le mpe le re: Hleka setjhaba ha se na ho botsa Modimo wa sona na? Hleka ho ka botswa bafu taba tsa ba utlwang na?


Taba e batlwang ke morena e thata haholo; ha ho e mong ya ka e senolelang morena, haese medimo e sa ahang hara batho.


Daniele a araba pela morena, a re: Sephiri seo morena a kopang kwahollo ya sona, ha ho motho hara babohlale, leha e le ho baupelli, kapa ho dinohe, kapa ho balepi ba dinaledi, ya ka tsebang ho se senolela morena.


Empa Modimo o teng lehodimong o senolang diphiri, mme o tsebisitse morena Nebukadnesare tse tlang ho etsahala mehleng e tlang ho tla. Toro ya hao le dipono tse itlhahetseng moyeng wa hao ha o ne o robetse, ke tsena:


Morena a re ho bona: Ke lorile, mme moya wa ka o tjhobela ho tseba toro eo.


Morena a bua le Daniele, a re: Ruri, Modimo wa lona ke Modimo wa medimo le Morena wa marena, ke yena ya senolang diphiri, ha o tsebile ho nkwahollela sephiri seo.


Ho feleng, ha hlaha Daniele pela ka, ya reilweng Beltsatsare, e leng lebitso la modimo wa ka, eo moya wa medimo e halalelang o leng ho yena; ka mmolella toro, ka re:


Ha o fela o ka bala lengolo leno, wa ntsebisa taba tsa lona, o tla apeswa purepera, o rweswe lehlaahlela la kgauta molaleng wa hao, o bewe tulong ya boraro mmusong wa ka.


Hobane Morena Jehova ha a etse letho, a eso ho senole morero wa hae ho bahlanka ba hae, baporofeta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos