Ya hauhelang bafumanehi o adima Morena, seo a faneng ka sona Morena o tla mmuseletsa sona.
BaFilipi 4:17 - BIBELE Hase hobane ke batla dimpho, empa seo ke se batlang ke hore mosebetsi wa lona o behe ditholwana. Sesotho 1909/1961 (SO) Hase hoba ke batla dimpho, empa ke batla ditholwana tse ka le atelang ho le ruisa. Baasraak Sotho NT Eseng hobane ke batla neo, empa ke batla ditholwana tse tla atlehisa tlalehong ya lona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eseng hobane ke batla neo, empa ke batla ditholwana tse tla atlehisa tlalehong ya lona. |
Ya hauhelang bafumanehi o adima Morena, seo a faneng ka sona Morena o tla mmuseletsa sona.
Ke madimabe hakaakang! Ke ka motho ya reng o kgola tholwana, ya reng o kgola tsa hlabula athe ha di yo. Ke ka rapa sa morara se kgwahlapisitswe; ha ho lesihla la morara le ka jewang, ha ho feiye ya pele eo nka e lakatsang.
“Hoja e mong wa lona a ka mpa a kwala mamati a Tempele, le tle le se ke la hotetsa mello e se nang thuso hodima aletare ya ka! Ha ke a le thabela ho hang!” ho rialo Morena wa mabotho. “Le nyehelo e tswang matsohong a lona ha nka ke ka e amohela.
Hase lona le nkgethileng, empa ke nna ke le kgethileng, mme ke le beile hore le ye, le behe ditholwana, mme ditholwana tsa lona di dulele ruri, hore eng le eng eo le e kopang Ntate ka lebitso la ka, a le fe yona.
Ha ke se ke phethile hona, mme ke ba neile koleke eo, ke tla tla feta le ho lona, ha ke eya Sepania.
Ke sa bua hape, ke re: Ho se be ya hopolang hore ke sethoto. Empa haeba ho jwalo, nkukeng ke le sethoto he, e le hore ke tle ke be le boithorisonyana!
Ka hona ke ile ka hopola hore ke tshwanela ho kopa bana bana babo rona ho nketella pele, ba tle ba lokise dimpho tseo le ntshepisitseng tsona. Ha di se di lokisitswe, e tla ba dimpho tsa sebele, e seng tsa bokgonatha.
Ha ke rialo ka baka la ho hloka, hobane ke ithutile ho kgotsofalla boemo boo ke leng ho bona.
Kamoo le tsebang kateng, ha re a ka ra tla ho lona ka maleme a monate, le ka meharo. Modimo ke paki.
E se ke ya eba letahwa kapa ya leqhoko, empa e be motho ya bonolo, ya sa rateng ntwa, le ya sa rateng tjhelete.
Mohlodi wa bokgopo bohle ke ho rata tjhelete; ka ho e tjhatjhehela, ba bang ba kgelohile tumelo, ba ikapesa ka maswabi a mangata.
Eka kgona mookamedi ya hlokometseng tsa Modimo a se ke a nyatseha. E se be motho ya ikgopolang, kapa sefelapelwana, kapa letahwa, kapa ya leqhoko, kapa ya ithuisang ka mano.
Bana babo rona ba ke ba ithute ho thahasella mesebetsi e metle, ba tle ba thuse moo ho hlokahalang teng, esere ya eba batho ba se nang thuso.
Modimo ha a hloke toka hoo a ka lebalang mosebetsi wa lona, le lerato leo le le bontshitseng ho yena ka ho sebeletsa badumedi, bao le sa ntseng le ba sebeletsa le jwale.
Alosang mohlape wa Modimo o bodiseng ba lona. Le o hlokomele ka boithaopo, ka mokgwa o ratwang ke Modimo, e seng ka ho qobellwa; e be ka lerato, e seng ka ho ipatlela maruo ka mano.
Ba kgelohile tsela e nepahetseng, mme ba lahlehile ka ho latela tsela ya Bileame, mora wa Bosore, ya neng a hohelwa ke moputso wa bokgopo,
Ka baka la meharo ya bona ba tla le hanyapetsa ka dipolelo tseo ba iqapetseng tsona. E se e le kgale moahlodi wa bona a ba emetse, mme motimetsi wa bona ha a kgalehe.
Ba madimabe hakaakang! Ba latetse tsela ya Kaine. Ba itihetse phosong ya Bileame ka baka la ho ipatlela moputso. Ba timetse ka baka la ho hanyetsa jwaloka Kora.