Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 4:18 - BIBELE

18 Ke fumane tsohle tseo ke di hlokang, esita le ho feta; ke thusitswe kahohlehohle ka ho amohela ho Epafaroditose tse tswang ho lona, tseo e leng nyehelo e monko o monate, sehlabelo se amohelehang, se kgahlisang Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ke fela ke amohetse tsohle, mme ke atetswe haholo; ho tletse ho nna, ka ho nka ho Epafrodite tse tswang ho lona, tseo e leng monkgo o monate le sehlabelo se amohetsweng ke Modimo, se o kgahlisang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

18 Empa ke na le tsohle, mme ke atetswe; ke kgotshe, ke amohetse ho Epafroditase tse tswang ho lona, tse monko o monate, sehlabelo se amohelehang, se kgahlisang Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Empa ke na le tsohle, mme ke atetswe; ke kgotshe, ke amohetse ho Epafroditase tse tswang ho lona, tse monko o monate, sehlabelo se amohelehang, se kgahlisang Modimo.

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 4:18
15 Referencias Cruzadas  

Pheleu eo yohle o tla e tjhesetsa hodima aletare, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.


le nyehelle Morena ka nyehelo ya mollo, e leng nyehelo ya setjheso, kapa sehlabelo sa ho etsa kano, kapa nyehelo ya boithaopo, kapa ya mekete ya lona e kgethehileng, e le nyehelo e monko o monate, e amohelehang ho Morena, e tswang mohlapeng wa dikgomo kapa wa dinku.


Le lefiswana le le leng la kgauta, leo boima ba lona e neng e le dikeramo tse lekgolo le leshome, le tletseng mokubetso.


A le tadima, a tshoha, mme a re: “Keng, Morena?” La re ho yena: “Dithapelo le dithuso tsa hao ho mafutsana di amohelehile ho Modimo, mme o o hopotse.


Bana beso, ka baka la mohau wa Modimo, ke a le rapela hore le ineele Modimo, le le sehlabelo se phelang, se halalelang, se mo kgahlisang, e leng tshebeletso ya lona e tshwanelehang.


Ke hanyapeditse dikereke tse ding ka ho amohela moputso, hore ke tle ke le sebeletse.


Efela tshebetso ena ya ho thusa, hase feela e tla fokotsa bohloki ba badumedi, empa e tshwanetse ho ba mohlodi wa diteboho tse kgaphatsehang tse iswang ho Modimo.


Phelang ka lerato, jwalokaha le Kreste a le ratile, mme a tela bophelo ba hae ka baka la lona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.


Ke tseba hore na ho kolla ntsi hanong ke eng; ke tseba le hore na ho hafa ka nkatana ke eng. Dinthong tsohle, ka mekgwa yohle, ke ithutile ho phela ka ho kgora le ka ho lapa, ka nala le ka bohloki.


Bana beso, re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, jwalokaha ho lokela, hobane tumelo ya lona e hola ka matla, le lerato leo le ratanang ka lona le eketseha ho e mong le e mong wa lona.


Se lebaleng ho ba mosa le ho thusana, hobane ana ke wona mahlabelo a kgahlisang Modimo.


Tloong le le majwe a phelang, a sebediswang ho haha tempele ya moya. Le be baprista ba halalelang, ba nyehellang Modimo ka mahlabelo a moya, a amohelehang ho yena ka Jesu Kreste;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos