Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tite 3:14 - BIBELE

14 Bana babo rona ba ke ba ithute ho thahasella mesebetsi e metle, ba tle ba thuse moo ho hlokahalang teng, esere ya eba batho ba se nang thuso.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Baheso le bona ba ke ba ithute ho phehella mesebetsi e metle, mohla e hlokwang, e tle e se be ba sa beheng ditholwana.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 Mme le ba rona a ba ithute ho tiisetsa mesebetsing e metle, hore ba tle ba be le dithuso tse hlokahalang, e le hore e se be ba sa beheng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Mme le ba rona a ba ithute ho tiisetsa mesebetsing e metle, hore ba tle ba be le dithuso tse hlokahalang, e le hore e se be ba sa beheng.

Ver Capítulo Copiar




Tite 3:14
21 Referencias Cruzadas  

ho nea ba Sione ba leng bofifing moqhaka o kgabane bakeng sa molora, ole ya thabo bakeng sa bofifi, seaparo sa thoriso bakeng sa maswabi, ba tle ba bitswe fate tsa ho loka, tse lenngweng ke Morena hore a tle a tlotliswe.


A bona sefate sa feiye kathoko ho tsela, a ya ho sona, a mpa a fumana se se na letho, haese mahlaku feela. A re ho sona: “O se hlole o beha ditholwana le ka mohla!” Sefate sa omella hanghang.


Sefate ka seng se sa beheng ditholwana tse monate se ye se rengwe, se lahlelwe mollong.


Hase lona le nkgethileng, empa ke nna ke le kgethileng, mme ke le beile hore le ye, le behe ditholwana, mme ditholwana tsa lona di dulele ruri, hore eng le eng eo le e kopang Ntate ka lebitso la ka, a le fe yona.


Ntate o tlotliswa ka hona: ha le beha ditholwana tse ngata, le tla ba barutuwa ba ka.


mme kaha e ne e le batho ba mosebetsi o le mong, a hlola le bona, mme ba sebetsa mmoho. Mosebetsi wa bona e ne e le wa ho etsa ditente.


Ke le bontshitse dinthong tsohle hore, ka ho sebetsa jwalo ka thata eka kgona le thuse mafutsana le ho hopola mantswe a Morena Jesu, kamoo yena a neng a re: ‘Ho fana ke lehlohonolo le fetang ho fuwa!’ ”


Kenyang letsoho thusong ya badumedi ba hlokang, thabelang ho amohela baeti.


Ha ke se ke phethile hona, mme ke ba neile koleke eo, ke tla tla feta le ho lona, ha ke eya Sepania.


Ya utswang a se hlole a utswa, a mpe a tshware ka thata, a sebeletse tse molemo ka matsoho a hae, a tle a tsebe ho fa ya hlokang.


le tlale ho loka ho tswang ho Kreste, e tle e be tlotla le thoriso ho Modimo.


Ha ke ne ke le Thesalonika, ke ka makgetlo le ileng la nthomella seo ke neng ke se hloka.


Hase hobane ke batla dimpho, empa seo ke se batlang ke hore mosebetsi wa lona o behe ditholwana.


Ka tsela ena le tla phela ka mokgwa o tshwanelehang mahlong a Modimo, le mo kgahlise dinthong tsohle. Le tla atleha mesebetsing yohle e lokileng, mme le hole tsebong ya Modimo.


Bana beso, le tla hopola kamoo re neng re sebetse ka thata kateng, ra fufulelwa! Ra na ra sebetsa motsheare le bosiu, hore ha re ntse re le bolella molaetsa o molemo wa Modimo, re se ke ra kgoka mang kapa mang wa lona.


leha e le ho ja dijo tsa motho re sa lefe letho. Empa re ile ra sebetsa ka thata, ra fufulelwa motsheare le bosiu, e le hore re se ke ra kgoka le ya mong wa lona.


O bolele tsa nnete, tse ke keng tsa tshwauwa diphoso, hore mohanyetsi a tle a hlajwe ke dihlong ka baka la ho hloka bobe boo a ka re beang bona.


Lena ke lentswe la nnete. Nka rata hore ho tsena o se ke wa thekesela, e le hore bohle ba tshepang Modimo ba ikemisetse ho thahasella mesebetsi e metle. Hona ho hotle, mme ke thuso ho batho.


Ha le ena le tsena ka bongata, ha le sa tla ba batho ba se nang thuso, ba nyopileng tsebong ya Morena wa rona Jesu Kreste.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos