Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 9:5 - BIBELE

5 Ka hona ke ile ka hopola hore ke tshwanela ho kopa bana bana babo rona ho nketella pele, ba tle ba lokise dimpho tseo le ntshepisitseng tsona. Ha di se di lokisitswe, e tla ba dimpho tsa sebele, e seng tsa bokgonatha.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ke lekantse ke hona hoba ke tshwanetse ho kgothatsa baena, hore ba ke ba ye ho lona pele, mme ba phethe tokiso ya phano ya lona eo ke e boletseng, ka re, e se e lokile, e tle e be phano ya pelo, e seng ntho e etswang ka bokgonatha.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Ka baka leo, ke bone ho hlokahala ho kgothatsa baena, hore ba ete pele ho tla ho lona, mme ba lokise e sa le pele mpho ya lona e molemo, eo le e boletseng esale pele, e tle e be e lokisitsweng, e be mpho ya mohau, e seng jwaloka takatso ya leruo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Ka baka leo, ke bone ho hlokahala ho kgothatsa baena, hore ba ete pele ho tla ho lona, mme ba lokise e sa le pele mpho ya lona e molemo, eo le e boletseng esale pele, e tle e be e lokisitsweng, e be mpho ya mohau, e seng jwaloka takatso ya leruo.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 9:5
11 Referencias Cruzadas  

Ako amohele mpho ya ka hle, eo ke o tliseditseng yona, hobane Modimo o ile a nkgauhela, le hobane ke na le tse ntekaneng.” A mo pheella, mme Esau a amohela mpho eo.


Jwale a kgutlela ho moporofeta wa Modimo, a ena le sehlopha sohle sa hae, a fihla a ema kapele ho yena, a re: “Jwale ke a tseba hore lefatsheng lohle ha ho na Modimo, haese naheng ya Iseraele feela. Ka baka leo, ke a o rapela: Amohela mpho ya teboho, e tswang ho mohlanka wa hao.”


Ka tsatsi le qalang beke, e mong le e mong wa lona a bee ho hong kathoko ha hae, ho ya kamoo a sitsitsweng kateng; dikoleke di etswe ke eso fihle.


Re bile ra rapela Tite, ya qadileng mosebetsi ona wa mohau, hore a o phethe ho lona.


Jwale ke roma bana babo rona ho lona, e le hore boithoriso boo ba rona tabeng ena bo se ke ba fetoha lefeela, lona le mpe le fumanwe le itokiseditse ho thusa jwalokaha ke boletse.


Tsebang hona: Ya jalang hanyenyane o tla kotula hanyenyane; athe ya jalang haholo o tla kotula haholo.


Hase hobane ke batla dimpho, empa seo ke se batlang ke hore mosebetsi wa lona o behe ditholwana.


Akasa a re ho yena: “Ako mphe mpho e nngwe hape. Erekaha o nneile naha ya Negebe, ako nnee le didiba.” Kalebe a mo nea didiba tse hodimo le didiba tse tlase.


Jwale mpho ena, eo lekgabunyane la hao le o tliseditseng yona, e ke e newe bahlankana ba tsamayang le wena, monga ka.


Ha Davida a fihla Sikelage, a romela kgapo e nngwe ho baholo ba Juda, e leng metswalle ya hae, a re: “Mpho ya lona, ya tse hapilweng ho dira tsa Morena, ke eo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos