Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tite 1:7 - BIBELE

7 Eka kgona mookamedi ya hlokometseng tsa Modimo a se ke a nyatseha. E se be motho ya ikgopolang, kapa sefelapelwana, kapa letahwa, kapa ya leqhoko, kapa ya ithuisang ka mano.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Hobane e ka kgona molebedi e be motho ya se nang sekodi, hobane ke monemotse ka tlung ya Modimo; e se ke ya eba moithati, le mohalefi, le ya hapjwang ke veine, le ya otlang, le ya batlang leruo ka thetso;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 Hobane bishopo o tshwanetse ho hloka sekodi, jwaloka ha e le motsamaisi wa Modimo; e se moithati, e se ya halefang kapele, e se monwi, e se mohlabaphi, e se motho ya ratang leruo le ditshila;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Hobane bishopo o tshwanetse ho hloka sekodi, jwaloka ha e le motsamaisi wa Modimo; e se moithati, e se ya halefang kapele, e se monwi, e se mohlabaphi, e se motho ya ratang leruo le ditshila;

Ver Capítulo Copiar




Tite 1:7
23 Referencias Cruzadas  

Moya wa ka o se kene mererong ya bona, pelo ya ka e se kene mokgatlong wa bona, hobane ha ba halefile ba na ba bolaya batho, ha ba halefetse lefeela ba kgaola dipholo mesifa.


Motho ya halefang kapele o etsa bothoto, ya nang le mehopolo e mebe batho ba a mo hloya.


Motho ya bohale o baka diqabang, ya nang le mamello yena o a di fedisa.


Ya nang le mamello o molemo ho feta ya dikgoka, ya itshwarang ha a halefile o feta ya hapang motse.


O se itlwaetse ho halefa kapele, thoto di kwetlile kgalefo ka difubeng tsa tsona.


Batho bana le bona ba thekesediswa ke veine, jwala bo bohale bo etsa hore ba kgothometsehe; baprista le baporofeta ba thekesediswa ke jwala, kelello di tsherehantswe ke ho itlopa veine, jwala bo bohale bo etsa hore ba kgothometsehe; ba bona dipono ba ntse ba thekesela, dinyewe ba di ahlola ba ntse ba ratseela ke jwala.


Ho se be moprista ya tla nwa veine ha a kena ka lebaleng le kahare.


“Ha le kena ka Tenteng ya Morena, wena, le bara ba hao, le se ke la nwa veine kapa jwala, esere la shwa. Ona e tla ba molao wa mehla yohle melokong ya lona.


“Jwale ke ofe mohlanka ya tshepahalang, ya bohlale, eo monga hae a mmeileng ho laola ba lelapa la hae, hore a ba fepe ka nako e lokelang?


Morena a re: “Ke ofe mookamedi ya tshepahalang, ya bohlale, eo monga hae a tla mmea hodima basebeletsi ba hae ho ba fa seabo sa dijo ka nako e lokelang?


Se tahweng ke jwala bo le isang boitahlong, le mpe le tlale Moya o Halalelang.


Nna Paulosi, le Timothea, bahlanka ba Kreste Jesu, re dumedisa badumedi bohle bao e leng ba Kreste Jesu, ba leng Filipi, le baokamedi, le basebeletsi ba kereke, re re:


Ke o siile Kerete ho qetela ho hlophisa tse saletseng, le ho bea baholo motseng o mong le o mong, ho ya kamoo ke o laetseng kateng.


Ka mokgwa o jwalo, basadi ba hodileng ba be le boitshwaro bo lokelang ba halalelang, ba se ke ba bua batho hampe, e se be makgoba a dino, empa ba rute tse lokileng.


Ka ho ya ka neo eo a e filweng ke Modimo, motho ka mong a ke a sebeletse ba bang jwaloka moabi ya kgabane wa mohau wa Modimo, o iponahatsang ka mekgwa e mengata.


Alosang mohlape wa Modimo o bodiseng ba lona. Le o hlokomele ka boithaopo, ka mokgwa o ratwang ke Modimo, e seng ka ho qobellwa; e be ka lerato, e seng ka ho ipatlela maruo ka mano.


haholoholo ba buswang ke ditakatso tse ditshila tsa nama, ba nyefolang borena ba Modimo. Ke ba itshepang, ba ikgopolang, ba sa tshabeng ho nyefola mangeloi a tlotlehang;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos