Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tite 1:8 - BIBELE

8 Empa a thabele baeti, a rate tse lokileng, a be sedi, a loke, a halalele, mme a be le boitshwaro.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 empa e be motho ya amohelang baeti, ya ratang batho ba molemo, ya hlalefileng, ya lokileng, ya halalelang, ya phelang ka boitshwaro;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Empa e be ya ratang kamohelo ya baeti, ya ratang se molemo, ya hlaphohetsweng, ya lokileng, ya halalelang, ya se nang kelello;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Empa e be ya ratang kamohelo ya baeti, ya ratang se molemo, ya hlaphohetsweng, ya lokileng, ya halalelang, ya se nang kelello;

Ver Capítulo Copiar




Tite 1:8
17 Referencias Cruzadas  

Hoba Hirame, kgosi ya Tire, a utlwe hore Solomone o tlotseditswe ho ba kgosi sebakeng sa ntatae, a roma bahlanka ba hae ho Solomone, hobane yena le Davida e ne e le metswalle ka nako yohle ya ho phela ha Davida.


Ha Hirame a utlwa mantswe ana a Solomone, a thaba haholo, a ba a re: “Kajeno ho bokwe Morena, yena ya neileng Davida mora ya bohlale, hore a buse setjhabahadi sena.”


Ha e le medimo ya bohata e lefatsheng, ba kgahlwang ke yona ba rohakehile.


Hloyang bokgopo, le rate tse molemo, ka makgotleng le ahlole ka toka, mohlomong Morena, Morena Modimo wa mabotho, a ka hauhela masalla a Josefa.


Jwale ho ne ho ena le monna Jerusalema ya bitswang Simeone. Monna eo o ne a lokile, a hlompha Modimo, a lebeletse tshediso ya Iseraele, mme Moya o Halalelang o ne o le ho yena.


Yare ha a ntse a bua ka ho loka, le boitshwaro, le kahlolo e tlang, Felekise a tshoha, a re: “Hajwale o ka tsamaya; ke tla o bitsa hamorao, ha ke ena le nako.”


Lona le dipaki, le Modimo ke paki ya kamoo lona ba dumelang re ileng ra le tshwara kateng ka mokgwa o halalelang, o lokileng, o sa nyatseheng.


Mookamedi wa kereke eka kgona a hloke kodi; e be monna ya nang le mosadi a le mong, a be le boitshwaro dinong, a be sedi, a be le seriti, a thabele baeti, mme a tsebe ho ruta.


Ho se be ya o nyedisang ka baka la botjha ba hao, o mpe o iketse mohlala ho badumedi ka dipolelo, ka metsamao, ka lerato, ka tumelo le ka bohlweki.


Wena motho wa Modimo, baleha tsena, o habe ho loka, borapedi, tumelo, lerato, tiisetso, mosa.


Phema ditakatso tsa botjha, o habe ho loka, tumelo, lerato le kgotso, mmoho le bohle ba rapelang Morena ka dipelo tse hlwekileng.


E tla ba batho ba se nang lerato, ba hanang ho boelanngwa le ba bang, ba buang batho hampe, ba hlokang boitshwaro, ba hlaha, ba hloileng tsohle tse lokileng,


Wena ka sebele o ba etsetse mohlala dinthong tsohle ka mesebetsi e metle, ka thuto e hlwekileng le ka boitlhompho.


Rona re a tseba hore re ntshitswe lefung, ra iswa bophelong, hobane re rata bana babo rona. Ya se nang lerato o ntse a le lefung.


Mang le mang ya dumelang hore Jesu ke Kreste o tswetswe ke Modimo, mme mang le mang ya ratang motswadi, o rata le tswala ya hae.


Ha Davida a se a qetile ho bua le Saule, moya wa Jonathane wa kgomarelana le moya wa Davida, mme Jonathane a rata Davida jwalokaha a ithata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos