Empa ha ke re letho ka bophelo ba ka, ha feela nka phetha mosebetsi wa ka, le tshebeletso eo ke neng ke e amohele ho Morena Jesu, ya ho paka tsa molaetsa o molemo wa mohau wa Modimo.
BaFilipi 2:30 - BIBELE hobane ka baka la mosebetsi wa Kreste o ile a batla a eshwa, feela a sa re letho ka bophelo ba hae, a mpa a iteletse ho ntshebeletsa moo lona le sitilweng ho ntshebeletsa teng. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane o kile a atamela lefu ka baka la mosebetsi wa Kreste, a tedile ho phela ha hae, a tle a tlatse tseo le neng le sitwa ho nketsetsa tsona. Baasraak Sotho NT Hobane ka baka la mosebetsi wa Kreste, o ne a le haufi le ho shwa, a se ke a kgathalla bophelo ba hae, hore a tle a ntshebeletse ho lona ho sitwa ha lona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane ka baka la mosebetsi wa Kreste, o ne a le haufi le ho shwa, a se ke a kgathalla bophelo ba hae, hore a tle a ntshebeletse ho lona ho sitwa ha lona. |
Empa ha ke re letho ka bophelo ba ka, ha feela nka phetha mosebetsi wa ka, le tshebeletso eo ke neng ke e amohele ho Morena Jesu, ya ho paka tsa molaetsa o molemo wa mohau wa Modimo.
ba ileng ba ipea kotsing ya lefu ka baka la ka. Ke a ba leboha, e seng nna feela, empa le tsona dikereke tsohle tsa baditjhaba.
Haeba Timothea a ka fihla, le etse hore a dule le lona a se na tshabo, hobane o sebetsa mosebetsi wa Morena jwaloka nna.
Ke thabetse ho fihla ha Setefanase, le Foretunatose, le Akaikuse, hobane ke bona ba nthusitseng bosiyong ba lona.
Ke tla thabela ho sebedisa tsa ka le ho sebediswa ka baka la lona. Na ha ke le rata haholo, le tla nthata hanyenyane?
Le haeba madi a ka a ka tshollelwa ho ba sehlabelo ho Modimo, se kopanang le nyehelo le tshebeletso ya tumelo ya lona, hoo ho tla nthabisa, mme ke tla thaba le lona bohle.
E, ke nnete o ne a kulela lefu, empa Modimo o ile a mo hauhela. Ha a a ka a hauhela yena feela, empa le nna o nkgauhetse, esere ka sithabetswa ke maswabi.
Morena o nthabisitse ha e le mona qetellong le ile la boela la nthahasella. Hase ho re le ne le sa nthahaselle, le mpile le sa fumane monyetla.
Ke fumane tsohle tseo ke di hlokang, esita le ho feta; ke thusitswe kahohlehohle ka ho amohela ho Epafaroditose tse tswang ho lona, tseo e leng nyehelo e monko o monate, sehlabelo se amohelehang, se kgahlisang Modimo.
Ke lakatsa ho mmoloka kwano, hore ha ke ntse ke le ditlamong ka baka la molaetsa o molemo, a tle a ntshebeletse bakeng sa hao.
Bona ba mo hlotse ka madi a Konyana, le ka lentswe leo ba le pakileng, mme ba ba ba eshwa ba sa qenehele bophelo ba bona.