Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 2:30 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

30 Hobane ka baka la mosebetsi wa Kreste, o ne a le haufi le ho shwa, a se ke a kgathalla bophelo ba hae, hore a tle a ntshebeletse ho lona ho sitwa ha lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Hobane o kile a atamela lefu ka baka la mosebetsi wa Kreste, a tedile ho phela ha hae, a tle a tlatse tseo le neng le sitwa ho nketsetsa tsona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

30 hobane ka baka la mosebetsi wa Kreste o ile a batla a eshwa, feela a sa re letho ka bophelo ba hae, a mpa a iteletse ho ntshebeletsa moo lona le sitilweng ho ntshebeletsa teng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

30 Hobane ka baka la mosebetsi wa Kreste, o ne a le haufi le ho shwa, a se ke a kgathalla bophelo ba hae, hore a tle a ntshebeletse ho lona ho sitwa ha lona.

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 2:30
15 Referencias Cruzadas  

Empa ha ho le e ’ngoe ea lintho tsena e ntšusumetsang, ’me ha ke nke bophelo ba ka e le ba bohlokoa ho ’na, hore ke tle ke qete leeto la ka ka thabo le tšebeletso eo ke e amohetseng ho Morena Jesu ea ho paka Evangeli ea mohau oa Molimo.


Ba ipeile dithamo ka baka la bophelo ba ka, bao e seng nna feela ke ba lebohang, empa le dikereke tsohle tsa baditjhaba.


Hobane ho bolang hona ho tshwanetse ho apara ho se bole, le ho shwang hona ho apare ho sa shweng.


Jwale, ha Timothea a ka tla, le bone hore a tle a be le lona a se na tshabo, hobane o sebetsa mosebetsi wa Morena jwaloka nna.


Ke thabetse ho tla ha Setefanase le Fortunatose le Akaikase, hobane ba tlatsitse ho haellang ha lona.


Mme nna ke tla ithaopela ho sebedisa, le ho sebediswa bakeng sa lona; leha ke le rata haholo, ke ratwa hanyenyane.


Kahoo lefu le sebetsa ho rona, empa bophelo bo sebetsa ho lona.


Ee, le fa ke ka ntshiwa mo setlhabelong le mo tirelong ya tumelo ya lona, ke a itumela, mme ke ipela le lona lotlhe.


Hobane o ne a kula, a ba a shwa, empa Modimo wa mo hauhela; mme e seng yena a nnotshi, empa le nna, hore ke tle ke se ke ka ba le mesarelo hodima mesarelo.


Empa ke thabile haholo Moreneng, kahobane jwale le boetse le hodile ho nkgopola; moo le neng le tshwenyehile ka hona, empa le hlokile sebaka.


Empa ke na le tsohle, mme ke atetswe; ke kgotshe, ke amohetse ho Epafroditase tse tswang ho lona, tse monko o monate, sehlabelo se amohelehang, se kgahlisang Modimo.


eo ke neng ke rata ho mo sala le nna, hore a tle a ntshebeletse bakeng sa hao ditlamong tsa Evangeli;


Ba mo hlotse ka madi a Konyana, le ka lentswe la bopaki ba bona; mme ha ba ka ba rata bophelo ba bona ho isa lefung.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos