Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 16:10 - BIBELE

10 Haeba Timothea a ka fihla, le etse hore a dule le lona a se na tshabo, hobane o sebetsa mosebetsi wa Morena jwaloka nna.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ekare ha Timothea a etla, le bone hore a dule hara lona a sa tshabe letho, kahobane a ineetse mosebetsi wa Morena jwaloka nna.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Jwale, ha Timothea a ka tla, le bone hore a tle a be le lona a se na tshabo, hobane o sebetsa mosebetsi wa Morena jwaloka nna.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Jwale, ha Timothea a ka tla, le bone hore a tle a be le lona a se na tshabo, hobane o sebetsa mosebetsi wa Morena jwaloka nna.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 16:10
11 Referencias Cruzadas  

Paulosi a fihla Derebe le Lesitera. Teng ho ne ho ena le morutuwa e mong ya bitswang Timothea, mmae e le mosadi wa Mojuda, wa modumedi, empa ntatae e le Mogerike.


Kahoo a roma batlatsi ba hae ba babedi, e leng Timothea le Erasetose, ho ya Masedonia; yena a ka a sala Asia nakwana.


Timothea, eo re sebetsang mmoho le yena, o a le dumedisa; le bahaeso bo-Losiase, le Jasone, le Sosipaterose, ba a le dumedisa.


Ka baka leo, bana beso ba ratehang, le tiye, le se ke la thekesela, le nne le sebeletse Morena ka mesebetsi e mengatangata kamehla, le ntse le tseba hore mofufutso wa lona hase wa lefeela pela Morena.


Ho se be ya mo nyedisang, le mpe le mo fetisetse ho nna ka kgotso, hobane nna le bana babo rona re mo lebeletse.


Ke kahoo ke le rometseng Timothea, e leng ngwana wa ka ya ratehang, ya tshepahalang ho Morena. O tla le hopotsa kamoo ke phelang kateng ka ho latela Kreste Jesu, le kamoo ke rutang tsa bophelo bona kateng kahohle, kerekeng e nngwe le e nngwe.


Nna Paulosi, moapostola wa Kreste Jesu ka thato ya Modimo, le Timothea, ngwanabo rona, re dumedisa kereke ya Modimo e Korinthe, mmoho le badumedi bohle ba leng naheng yohle ya Akaya, re re:


Jwale rona, re le ba sebetsang mmoho le Modimo, re a le rapela hore mohau wa Modimo le se ke la o amohella lefeela.


Ra roma Timothea ngwanabo rona, ya sebetsang le Modimo ho phatlalatsa molaetsa o molemo wa Kreste, ho tla le matlafatsa le ho le kgothatsa tumelong ya lona.


Ka tsela ena bophelo ba lona e be bo tshwanelehang mahlong a ba kantle, mme le se ke la hloka letho ho motho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos