Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 16:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ekare ha Timothea a etla, le bone hore a dule hara lona a sa tshabe letho, kahobane a ineetse mosebetsi wa Morena jwaloka nna.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Haeba Timothea a ka fihla, le etse hore a dule le lona a se na tshabo, hobane o sebetsa mosebetsi wa Morena jwaloka nna.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Jwale, ha Timothea a ka tla, le bone hore a tle a be le lona a se na tshabo, hobane o sebetsa mosebetsi wa Morena jwaloka nna.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Jwale, ha Timothea a ka tla, le bone hore a tle a be le lona a se na tshabo, hobane o sebetsa mosebetsi wa Morena jwaloka nna.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 16:10
11 Referencias Cruzadas  

A ntoo ya Derba le Listra. Morutuwa o ne a le teng moo, ya bitswang Timothea, mora wa mosadi wa Mojuda ya dumetseng, ntatae empa e le Mogerike.


Yaba o romela Masedonia, ba babedi ho ba mo tlatsang, e le Timothea le Eraste; haele yena, a hlola Asia matsatsi a mang.


Timothea, molekane wa ka mosebetsing, o a le dumedisa; Lusiuse, Jasone, le Sosipatere, batswala ba ka, ba le dumedisa.


Ka baka leo, banabeso ba ratwang, tiyang matla, le se ke la sisinyeha, mme le nne le eketse kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hobane mosebetsi wa lona e ke ke ya eba wa lefeela Moreneng.


A se ke a nyatsuwa ke motho, le mpe le mo felehetse ka kgotso, a tle ho nna, hobane ke mo lebeletse le banababo rona.


Ke ka baka leo ke le rometseng Timothea, e leng mora wa ka ya ratwang, ya tshepehang Moreneng, hore a le hopotse dika tsa ka ho Kreste, kamoo ke rutang kateng, kahohle kerekeng e nngwe le e nngwe.


Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke ena le Timothea, ngwaneso, ke ngolla kereke ya Modimo e Korinthe, le bahalaledi bohle ba naheng yohle ya Akaea, ke re:


Jwale, kahobane re le ba sebedisanang le Modimo, re a le kgothatsa hore le se ke la ba ba nketseng mohau wa Modimo lefeela.


Mme re romile Timothea, ngwanabo rona, mohlanka wa Modimo, ya re sebedisang Evangeling ya Kreste, hore a ye ho le tiisa le ho le kgothatsa bakeng sa tumelo ya lona;


le tle le etse ka mokgwa o tshwanelang ka nqeng ya ba kantle, mme le se ke la hloka letho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos