Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Filemone 1:13 - BIBELE

13 Ke lakatsa ho mmoloka kwano, hore ha ke ntse ke le ditlamong ka baka la molaetsa o molemo, a tle a ntshebeletse bakeng sa hao.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ke ne ke hopotse hore nka mo thibela hore a dule le nna, a tle a ntshebeletse bakeng sa hao, ditlamong tsa Evangeli;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 eo ke neng ke rata ho mo sala le nna, hore a tle a ntshebeletse bakeng sa hao ditlamong tsa Evangeli;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 eo ke neng ke rata ho mo sala le nna, hore a tle a ntshebeletse bakeng sa hao ditlamong tsa Evangeli;

Ver Capítulo Copiar




Filemone 1:13
8 Referencias Cruzadas  

Ke thabetse ho fihla ha Setefanase, le Foretunatose, le Akaikuse, hobane ke bona ba nthusitseng bosiyong ba lona.


Ke ka hona, nna Paulosi, ke le motshwaruwa ka baka la Kreste Jesu, le ka baka la lona baditjhaba, ke rapelang Modimo.


Jwale nna, ke le motshwaruwa ka baka la Morena, ke le rapela hore le phele ka mokgwa o tshwanelang pitso eo le bitsitsweng ka yona:


Ho a lokela hore ke be le maikutlo a jwalo ka lona bohle, kaha le le pelong ya ka kamehla, lona bohle ba nang le kabelo lehlohonolong la ka, leha ke le ditlamong, leha ke fumane sebaka sa ho buella kapa ho tiisa molaetsa o molemo.


hobane ka baka la mosebetsi wa Kreste o ile a batla a eshwa, feela a sa re letho ka bophelo ba hae, a mpa a iteletse ho ntshebeletsa moo lona le sitilweng ho ntshebeletsa teng.


Nna Paulosi, mothswaruwa ka baka la Kreste Jesu, le Timothea ngwanabo rona, re dumedisa Filemone, moratuwa eo re sebetsang mmoho le yena,


Ke ipeletsa ho wena malebana le ngwana wa ka, Onesimose eo ke mo tswaletseng ditlamong tsa ka;


Ke mo kgutlisetsa ho wena, yena eo e leng pelo ya ka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos