Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 2:29 - BIBELE

29 Mo amoheleng ka thabo ka lebitso la Morena. Hlomphang ba kang yena,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Le fele le mo amohele Moreneng ka thabo yohle, mme le hlomphe batho ba jwalo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

29 Le mo amohele Moreneng ka thabo yohle; le ba hlomphe;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 Le mo amohele Moreneng ka thabo yohle; le ba hlomphe;

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 2:29
21 Referencias Cruzadas  

A matle hakaakang maoto a ba tsamayang hodima dithaba, bona ba tlisang molaetsa o molemo, ba phatlalatsang taba tsa kgotso ba tlisang molaetsa o molemo, ba phatlalatsang taba tsa topollo, ba reng ho Sione: “Modimo wa hao o a busa!”


Ha le etswa motseng oo ba sa le amoheleng ho wona, le hlohlore lerole maotong a lona, e be bopaki bo ba qosang.”


Kannetenete, ke a le bolella, ya amohelang eo nka mo romang, o a nkamohela, mme ya nkamohelang, o amohela ya nthomileng.”


Ka letsatsi le leng le le leng ba ba mmoho ka Tempeleng ba le maikutlo a le mang, ba kena ntlo ka nngwe ba ntse ba ngwatha bohobe; ba ja dijo ka thabo le ka pelo tse tshweu.


Bao le bona ba re hlompha ka hlompho e kgolo, mme mohla re tsamayang ba re etsetsa mofao.


Thabo e kgolo ya eba teng motseng oo.


Ba ka di bolela jwang ha ba sa rongwa? Ho jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “A matle hakaakang maoto a ba phatlalatsang molaetsa o molemo!”


Le mo amohele ka mokgwa o lokelang badumedi, hobane ke wa Morena. Le mo thuse tabeng efe le efe eo a ka hlokang thuso ya lona ho yona, hobane le yena o thusitse ba bangata, esita le nna ka sebele.


Haeba Timothea a ka fihla, le etse hore a dule le lona a se na tshabo, hobane o sebetsa mosebetsi wa Morena jwaloka nna.


Ba kgatholotse moya wa ka le ya lona. Ananelang ba jwalo.


hobane ya amohelehang hase ya ikemelang, empa ke ya emelwang ke Morena.


Re buleleng dipelo tsa lona. Ha ho eo re mo entseng hampe, ha ho eo re mo senyeditseng, ha ho eo re mo qhekanyeditseng.


Ka baka leo, ke thabetse ho mo romela ho lona, le tle le thabele ho mmona hape, le nna maswabi a ka a tle a fokotsehe.


Le dumediswa ke Arisetarekose eo re leng ditlamong le yena, le Mareka motswala Baranabase, eo le seng le fumane ditaelo tse amanang le yena. Mo amoheleng, haeba a ka tla ho lona.


Bana beso, re a le kopa: Hlomphang ba sebetsang ka thata hara lona ho le disa le ho le eletsa lebitsong la Morena.


Baholo ba busang kereke hantle ba lokela ho fuwa moputso wa hlompho e kgolo, haholoholo ba sebetsang ka thata ho phatlalatsa lentswe le ho ruta.


Mamelang batsamaisi ba lona, le ipee tlasa bona. Ba a le hlokomela, kaha ba tla ikarabella ka lona. Etsang hore ba phethe hoo ka thabo, e seng ka maswabi, hobane ha ba etsa ka maswabi, hoo ho ke ke ha le tswela molemo wa letho.


Ka baka lena, mohla ke tlang, ke tla hlahatsa mesebetsi ya hae yohle. O re etseletsa ka dipuo tse mpe. Ha tsena di sa mo kgotsofatse, o hana ho amohela badumedi, ebile o thibela le ba ratang ho ba amohela, mme o ba leleka phuthehong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos