Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 2:27 - BIBELE

27 E, ke nnete o ne a kulela lefu, empa Modimo o ile a mo hauhela. Ha a a ka a hauhela yena feela, empa le nna o nkgauhetse, esere ka sithabetswa ke maswabi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 O fela a kile a kula, a batla a eshwa; empa Modimo o mo hauhetse, e seng yena a nnotshi, empa le nna, hore ke tle ke se ke ka imelwa ke mahlomola a kallanang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

27 Hobane o ne a kula, a ba a shwa, empa Modimo wa mo hauhela; mme e seng yena a nnotshi, empa le nna, hore ke tle ke se ke ka ba le mesarelo hodima mesarelo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Hobane o ne a kula, a ba a shwa, empa Modimo wa mo hauhela; mme e seng yena a nnotshi, empa le nna, hore ke tle ke se ke ka ba le mesarelo hodima mesarelo.

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 2:27
23 Referencias Cruzadas  

Mehleng eo, Hesekiya a kulela lefu. Yaba moporofeta Esaya, mora wa Amose, o fihla ho yena, o re: “Morena o bua tjena: ‘Lokisa tsa lelapa la hao, hobane o tla shwa; o ke ke wa hlola o phela.’ ”


o tla o phemisa diwa di o hlwele hodimo, ka makgetlokgetlo bobe bo ke ke ba o ama.


Morena o haufi le ba feletsweng ke tshepo, o pholosa ba meya e tetebetseng.


O mo otlile ka ho mo lelekela naheng esele, wa mo fefola ka moya o matla, jwaloka mohla moya wa botjhabela o fokang.


Bohloko ba pelo ya ka bo fetohile pholoho, rato la hao le mphemisitse lemena la timelo, o furaletse dibe tsohle tsa ka.


Ha o tshela hara madiba ke tla ba le wena; ha o tshela dinoka ha di ka ke tsa o nka. Ha o tsamaya hara mollo ha o ka ke wa tjha, malakabe ha a ka ke a o tjhesa.


Oho, Morena, ako nkgalemele ka toka, o se ke wa nkgalemela o halefile, esere wa mphetola lefeelafeelane.


O itse: ‘A nna elwa! Morena o phaeletse maswabi a ka ka mahlomola; ke kgathetse ke ho fehelwa, ha ke na phomolo!’


Maswabi a ka nka a mamella jwang? Pelo ya ka e nyahame, e tepeletse.


Morena, botumo ba hao ke bo utlwile, le yona mesebetsi ya hao ke a e tshaba, Morena. Ako e ntjhafatse mehleng ena ya rona, o etse hore e tsejwe bophelong ba rona, leha o halefile o nno hopole ho hauhela.


Matsatsing wona ao a kula, mme a shwa. Hoba a hlatsuwe, a bewa kamoreng e kahodimo.


Ha ho meleko e kileng ya le hlahela, e fetang matla a botho. Modimo o a tshepahala, mme a ke ke a dumela hore le lekwe ho feta matla a lona. Ha le lekwa o tla le fa matla a ho mamella, le monyetla wa hore le tsebe ho hlola.


Empa jwale le tshwanela ho mo tshwarela le ho mo tshedisa, esere a sithabetswa ke maswabi a maholo.


O le hlolohetswe bohle, o tshwenyehile haholo, hobane le ne le utlwe hore o ile a kula.


Ka baka leo, ke thabetse ho mo romela ho lona, le tle le thabele ho mmona hape, le nna maswabi a ka a tle a fokotsehe.


hobane ka baka la mosebetsi wa Kreste o ile a batla a eshwa, feela a sa re letho ka bophelo ba hae, a mpa a iteletse ho ntshebeletsa moo lona le sitilweng ho ntshebeletsa teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos