Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 2:26 - BIBELE

26 O le hlolohetswe bohle, o tshwenyehile haholo, hobane le ne le utlwe hore o ile a kula.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Hobane o ne a le hlolohetswe haholo bohle, mme o ne a belaela haholo kahobane le utlwile ho kula ha hae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

26 Hobane o ne a le hlolohetswe bohle, mme o ne a tsielehile, kahobane le ne le utlwile hore o ne a kula.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Hobane o ne a le hlolohetswe bohle, mme o ne a tsielehile, kahobane le ne le utlwile hore o ne a kula.

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 2:26
23 Referencias Cruzadas  

Ha kgosi Davida a se a tetse Amanone, a qala ho hlolohelwa Abosalome.


Eitse ha Davida a bona lengeloi la Morena le timetsang setjhaba, a re ho Morena: “Ke nna ya sitilweng, ke nna ya entseng bobe; jwale dinku tsee tsona di entseng? Ke a rapela: Mpe o otle nna le ba lelapa leso.”


Ha nka re: ‘Ke tla lebala pelaelo tsa ka,’ fahleho sa ka se tla ela, ke bobothehe.


Wena o tseba sekgobo sa ka, le dihlong tsa ka, le ho tlontlollwa ha ka; ba ntwantshang o ba tseba kaofela.


Ho feha matshwafo ho nyahamisa pelo ya motho, polelo e monate yona e a e thoba.


ho nea ba Sione ba leng bofifing moqhaka o kgabane bakeng sa molora, ole ya thabo bakeng sa bofifi, seaparo sa thoriso bakeng sa maswabi, ba tle ba bitswe fate tsa ho loka, tse lenngweng ke Morena hore a tle a tlotliswe.


“Tloong ho nna, lona bohle ba kgathetseng, ba imetsweng, mme ke tla le kgatholla.


A tsamaya le Petrose le bara ba babedi ba Sebedea, mme a qala ho swaba le ho tshwenyeha.


Empa Paulosi a araba, a re: “Le etsang ha le lla tjee, le utlwisa pelo ya ka bohloko? Nna ha ke a itokisetsa ho tlangwa feela, empa le hona ho shwela Jerusalema ka baka la lebitso la Morena Jesu.”


Ke hlolohetswe ho le bona, hore ke le abele neo e nngwe ya Moya, le tle le matlafatswe.


Thabang le ba thabileng, llang le ba llang.


hore ka pelong ya ka ke na le maswabi a maholo le bohloko bo sa kgaotseng.


Haeba setho se seng se utlwa bohloko, ditho tse ding tsohle di utlwa bohloko le sona; kapa ha se seng se roriswa, tse ding tsohle di thaba le sona.


Ba tla le rapella, hobane ba le rata ka baka la mohau o moholo oo Modimo a le etseditseng wona.


Jarelanang mefokolo, mme ka hona le tla phetha molao wa Kreste.


Ka hona ke le kopa hore le se ke la tepella, hobane ke matshwenyehong ka baka la lona, mme le ka ithorisa ka wona.


Ke leboha Modimo wa ka kamehla ha ke le hopola,


Modimo ke paki ya kamoo ke le hlolohetsweng kateng ka lerato le kang la Kreste Jesu.


Hape ke fumana ho lokela hore ke rome ngwanabo rona Epafaroditose, eo re thusaneng le yena mosebetsing le ntweng, eo le neng le mo laele ho tla ntshebeletsa ha ke ne ke hloka thuso.


E, ke nnete o ne a kulela lefu, empa Modimo o ile a mo hauhela. Ha a a ka a hauhela yena feela, empa le nna o nkgauhetse, esere ka sithabetswa ke maswabi.


Ha ho le jwalo, bana beso ba ratehang, bao ke ba hlolohetsweng haholo, lona baratuwa, thabo le moqhaka wa ka, emang le tiile jwalo Moreneng.


Le nyakaletse ke hona, leha hajwale le sa tshwanetse ho hlomoha ka nakwana, ka baka la ho lekwa ka mekgwa e mengata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos