Molato wa Jakobo o tla hlakolwa tjena, ena e be tsela ya ho fedisa sebe sa hae: Ha a fedisa dialetare tsohle tsa majwe, a di sila, a di etsa thuethue sa phofo ya mokwetla, medimo ya bohata, le tshwantsho tsa Ashera, di se di le siyo.
1 Samuele 5:4 - BIBELE Hoseng ka le hlahlamang, ha ba tsoha e sa le ka madungwadungwana, ba boela ba bona Dagone a wetse fatshe ka sefahleho, kapele ho areka ya Morena. Hlooho ya Dagone, le diatla tse pedi tsa matsoho a hae, di ne di kgaotswe, di beilwe hodima kosene e fatshe ya monyako, ho setse setopo se sekolokoto. Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ba boela ba tsoha e sa le ka meso ka la hosasane, ba bona Dagone a boetse a wetse fatshe ka sefahleho pela areka ya Jehova, hlooho ya Dagone le diatla tse pedi tsa hae di kgaohile, di le pela monyako, ho setse setopo sa hae feela. |
Molato wa Jakobo o tla hlakolwa tjena, ena e be tsela ya ho fedisa sebe sa hae: Ha a fedisa dialetare tsohle tsa majwe, a di sila, a di etsa thuethue sa phofo ya mokwetla, medimo ya bohata, le tshwantsho tsa Ashera, di se di le siyo.
Mofutsana ya sitwang ho etsa nyehelo e jwalo, o kgetha sefate se ke keng sa ba sa bola; a batle setsebihadi sa mohlalefi ho mo etsetsa setshwantsho sa modimo wa bohata, se ke keng sa wa.
Jwale o ba bolelle, o re: “Medimo e sa kang ya bopa lehodimo le lefatshe e tla fediswa, e ke ke ya hlola e eba teng lefatsheng.”
Batho bohle ha ba na tsebo, ba thotofetse, malala a kgauta a hlabiswa dihlong, a hlabiswa dihlong ke medingwana ya wona. Medingwana ena ya wona ke ya leshano, medingwana ena ya wona ha e phefumolohe.
Ke mafeelafeelane, ke ntho tsa ho nyediswa, ha tsatsi la kahlolo ya yona le fihla e tla timela!
“Bolelang le phatlalatse hara ditjhaba, phahamisang mokgele, le phatlalatse, le se pate letho, le bolele, le re: ‘Babilona e tla hapuwa, Bele wa modingwana a hlabiswe dihlong, Maraduke wa modingwana a tlale tshabo. Medimo ya bohata e tla hlabiswa dihlong, medingwana ya Babilona e tlale tshabo.’
O tla kgutlela Egepeta a hapile medimo ya bona ya bohata le medingwana ya bona, le thepa ya bona ya silefera le ya kgauta, e etseditsweng medingwana eo. O tla qeta dilemo tse ngata a sa futuhele kgosi ya Siria.
Medingwana yohle ya Samaria e tla pshatlwa, dimpho tsohle tse lefshwang diotswa di tjheswe. Medimo yohle ya bohata ke tla e timetsa, hobane e bokeletswe e le moputso wa bootswa, mme e tla nne e be moputso, moputso wa bootswa.”
Ka baka leo, le etse ditshwantsho tsa mathopa a lona a mokoteng, le ditshwantsho tsa ditweba tse le senyetsang naha. Le tla tlotla Modimo wa Baiseraele, mme mohlomong o tla tlosa kotlo ya hae hodima lona, le hodima medimo ya lona, le hodima naha ya lona.