1 Samuele 6:5 - BIBELE5 Ka baka leo, le etse ditshwantsho tsa mathopa a lona a mokoteng, le ditshwantsho tsa ditweba tse le senyetsang naha. Le tla tlotla Modimo wa Baiseraele, mme mohlomong o tla tlosa kotlo ya hae hodima lona, le hodima medimo ya lona, le hodima naha ya lona. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)5 Le etse ditshwantsho tsa diso tsa lona, le ditshwantsho tsa ditweba tsa lona tse senyang naha. Ke hona le tla hlompha Modimo wa Iseraele; ekaba o tla tlosa letsoho la wona ho lona, le ho medimo ya lona, le ho lefatshe la lona. Ver Capítulo |
Ka baka leo, ba roma maqosa ho ba memela dikgosi tsohle tsa Bafilesita, mme ba re ho tsona: “Tlosang areka ena ya Modimo wa Baiseraele, le e kgutlisetse moo e tswang teng, e tle e se ke ya re bolaya, rona le setjhaba sa habo rona!” Ho ne ho nkga lefu feela hara motse wohle, hobane Morena o ne a ba otla habohloko.