Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 10:14 - BIBELE

14 Batho bohle ha ba na tsebo, ba thotofetse, malala a kgauta a hlabiswa dihlong, a hlabiswa dihlong ke medingwana ya wona. Medingwana ena ya wona ke ya leshano, medingwana ena ya wona ha e phefumolohe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Motho e mong le e mong o thotofetse, o hlokile tsebo; moqhibidisi e mong le e mong o hlabiswa dihlong ka setshwantsho sa hae, hobane setshwantsho sa hae se tsholotsweng ke leshano feela, ha ho phefumoloho ho sona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 10:14
20 Referencias Cruzadas  

Morena, a le mahodimong, o tadima bana ba batho, ho bona hore na ho teng ya utlwisisang, ya batlang Modimo.


Morena, mesebetsi ya hao e meholo hakaakang! Mehopolo ya hao e tebile hakaakang!


Utlwisisang, lona setjhaba sa mawatla; dithoto ting! le tla hlalefa neng?


Bohle ba sebeletsang ditshwantsho ba ke ba hlajwe ke dihlong, bao ba ithorisang ka mafeela; medimo yohle e ke e itihele e itihele maotong a hae.


Nna ke sethoto ho feta mang kapa mang; ha ke na le kutlwisiso ya botho.


Empa ba tshepang medimo ya bohata, ba reng ho yona: ‘Le medimo ya rona,’ ba tla kgutliswa ba hlabilwe ke dihlong.”


Ba e kgumamelang ba tla tlontloloha, ba e etsang hase letho ke batho feela. A ba ke ba tle kaofela, ba phehe kgang le nna; ba tla kenwa ke tshabo, ba tlontlolohe.


Bohle ba etsang medimo ya bohata ba tla hlajwa ke dihlong, ba tlontlolohe, ba ferekane kaofela ha bona.


Ke tla pepesa mesebetsi ya lona, mesebetsi eo lona le reng e lokile; empa ha e ka ke ya le tswela molemo.


Medingwana ena e ka setshosa, e ka setshosa se hlonngwe tshimong ya mahapu, empa ha e le ho bua hona ha e ho tsebe; eka kgona ba e jare, hobane ha e tsebe ho tsamaya. Lona le se e tshabe, e ke ke ya le ntsha kotsi, ho etsa molemo le hona ha e ho tsebe.”


Bohle ba hloka kelello, ba thotofetse, thuto tsa medimo ya lehong ke tsa lefeela.


Bona ba fetotse nnete ya Modimo leshano, ba kgumamela sebopuwa, ba se sebeletsa ho ena le Mmopi ya bokwang kamehla yohle! A ho be jwalo!


Hoseng ka le hlahlamang, ha ba tsoha e sa le ka madungwadungwana, ba boela ba bona Dagone a wetse fatshe ka sefahleho, kapele ho areka ya Morena. Hlooho ya Dagone, le diatla tse pedi tsa matsoho a hae, di ne di kgaotswe, di beilwe hodima kosene e fatshe ya monyako, ho setse setopo se sekolokoto.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos