Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 5:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ha ba boela ba tsoha e sa le ka meso ka la hosasane, ba bona Dagone a boetse a wetse fatshe ka sefahleho pela areka ya Jehova, hlooho ya Dagone le diatla tse pedi tsa hae di kgaohile, di le pela monyako, ho setse setopo sa hae feela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Hoseng ka le hlahlamang, ha ba tsoha e sa le ka madungwadungwana, ba boela ba bona Dagone a wetse fatshe ka sefahleho, kapele ho areka ya Morena. Hlooho ya Dagone, le diatla tse pedi tsa matsoho a hae, di ne di kgaotswe, di beilwe hodima kosene e fatshe ya monyako, ho setse setopo se sekolokoto.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 5:4
11 Referencias Cruzadas  

Ka mokgwa o jwalo, sebe sa Jakobo se lefetswe; ke ena tholwana ya tshwarelo ya sebe sa hae: Jehova o entse majwe kaofela a dialetare jwaloka majwe a kalaka a besitsweng, a silakantsweng, hore diashera le ditshwantsho tsa letsatsi di se ke tsa hlola di tsoswa.


Mofumanehi ya hlokang kabelo o ikgethela lehong le sa boleng, o ipatlela mmetli ya bohlale ho mmetlela setshwantsho se sa sisinyeheng.


Le tla ba bolella jwalo, le re: Medimo e sa kang ya etsa mahodimo le lefatshe, yona e tla tloswa lefatsheng le katlasa lehodimo.


Motho e mong le e mong o thotofetse, o hlokile tsebo; moqhibidisi e mong le e mong o hlabiswa dihlong ka setshwantsho sa hae, hobane setshwantsho sa hae se tsholotsweng ke leshano feela, ha ho phefumoloho ho sona.


Ntho tseo ke bosawana, ke mesebetsi e somehang; mohla di kgalemelwang, di tla fela.


Tsebisang sena hara ditjhaba, le se tumise, le emise folaga; se tsebiseng, le se ke la se pata, le re: Babilona o hapilwe, Bele o hlabisitswe dihlong, Merodake o swabile; ditshwantsho tsa hae di hlabisitswe dihlong, medimo ya hae e robakilwe dikoto.


O tla ikgapela medimo ya bona, le ditshwantsho tsa bona tse tsholotsweng, le mesebetsi e hlokwang ya bona ya kgauta le ya silefera, a ye le tsona Egepeta, ho ntoo feta dilemo tseo a ke keng a kgathatsa morena wa Leboya ka tsona.


ditshwantsho tsohle tsa wona tse betlilweng di tla thuhakwa, dimpho tsohle tse amohetsweng ke wona di tjheswe mollong; ke tla senya ditshwantsho tsa wona kaofela, hobane o ipatletse tsona ka mokgwa wa moputso wa seotswa, mme di tla boela di fetohe moputso wa seotswa.


Le etse ditshwantsho tsa diso tsa lona, le ditshwantsho tsa ditweba tsa lona tse senyang naha. Ke hona le tla hlompha Modimo wa Iseraele; ekaba o tla tlosa letsoho la wona ho lona, le ho medimo ya lona, le ho lefatshe la lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos