Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 5:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Empa ba Ashdode ha ba tsoha hosasa, ba bona Dagone a wetse fatshe ka sefahleho pela areka ya Jehova. Yaba ba nka Dagone, ba mmusetsa tulong tsa hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Ka le hlahlamang, ha baahi ba Ashedode ba tsoha ka madungwadungwana, ba bona Dagone a wetse fatshe ka sefahleho, kapele ho areka ya Morena. Ba nka Dagone, ba boela ba mmea ditulong tsa hae.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 5:3
17 Referencias Cruzadas  

Ba nka poho eo ba e neilweng, ba e lokisa, ba bitsa lebitso la Baale ho qala hosasa, ho fihlela motshehare, ba ntse ba re: Oho, Baale, re utlwe! Empa ha ho a ka ha eba lentswe, leha e le karabo. Ba nna ba tlola, ba pota aletare e entsweng.


di sitwa ho tshwara ka diatla tsa tsona; ka maoto a tsona ha di tsamaye, ha ho lentswe le tswang mmetsong wa tsona.


Ba hlabilwe ke dihlong, bona kaofela ba sebeletsang ditshwantsho, ba ithorisang ka medimo ya leshano; medimo kaofela e tla kgumama pela hae.


Ka bosiu boo, ke tla haola ka naha ya Egepeta, ke otle matsibolo kaofela a naha ya Egepeta, a batho le a diphoofolo, mme ke tla hlahisa dikahlolo hodima medimo ya Egepeta. Ke nna Jehova.


Boporofeta hodima Egepeta: Bonang! Jehova o kaletse leru le bobebe, o lebile Egepeta; medimo ya Egepeta e thothomela pela hae, mme dipelo tsa Baegepeta di tepella ka ho bona.


Mofumanehi ya hlokang kabelo o ikgethela lehong le sa boleng, o ipatlela mmetli ya bohlale ho mmetlela setshwantsho se sa sisinyeheng.


Setei se kgothatsa ya tshollang setshwantsho, ya hlatswang ka noto le yena o kgothatsa ya teang tshetlong ya futho, o re: Se kopanyang se molemo. Mme o tiisa setshwantsho ka dipekere, se tle se se ke sa sisinyeha.


Ba o emisa, ba o jara mahetleng a bona, ba o bea tulong sa wona; o eme o sa sisinyehe nqalong ya wona; ba howeletse ho wona, empa ha o arabe, ha o ba boloke matswalong a bona.


Bohle hammoho ke mawatla le dithoto; thuto ya bona ke bohata, ke sefate!


Jehova o tla tshabeha hodima bona, hobane o tla fedisa medimo yohle ya lefatshe, ba tle ho mo kgumamela, e mong le e mong ka ho tloha nqalong ya hae, e leng dihlekehlekeng tsohle tsa ditjhaba.


Le meya e ditshila ha e mmona, e ne e kgumama pela hae, e howe, e re: O Mora wa Modimo.


Areka ya Jehova e ne e se e dutse kgwedi tse supileng naheng ya Bafilesta,


Le etse ditshwantsho tsa diso tsa lona, le ditshwantsho tsa ditweba tsa lona tse senyang naha. Ke hona le tla hlompha Modimo wa Iseraele; ekaba o tla tlosa letsoho la wona ho lona, le ho medimo ya lona, le ho lefatshe la lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos